Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g24 no. 1 maq. 13-15
  • Ke Hobane’ng ha Batho ba se ba sa Itlhomphe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha Batho ba se ba sa Itlhomphe?
  • Tsoha!—2024
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • KE HOBANE’NG HA HO LE BOHLOKOA HORE U ITLHOMPHE?
  • U KA ETSA’NG E LE HORE U ITLHOMPHE?
  • LIPAKI TSA JEHOVA LI THUSA BATHO JOANG HORE BA ITLHOMPHE?
  • U ka Fumana Thuso
    Tsoha!—2020
  • Ke Hobane’ng ha Batho ba se ba sa Hlomphe Malapa a Bona?
    Tsoha!—2024
  • Liboka Tsa Lipaki Tsa Jehova li ka U Tsoela Molemo Joang?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Nka Etsa’ng Hore ke Itšepe Haholoanyane?
    Tsoha!—2010
Bala Tse Ling
Tsoha!—2024
g24 no. 1 maq. 13-15
Mosali ea utloileng bohloko o ichebile seiponeng.

Ke Hobane’ng ha Batho ba se ba sa Itlhomphe?

KE HOBANE’NG HA HO LE BOHLOKOA HORE U ITLHOMPHE?

Batho ba itlhomphang ba khona ho sebetsana le mathata ao ba tobanang le ’ona bophelong ’me ha ba nyahame kapele.

  • Lipatlisiso li bontša hore hangata batho ba sa itšepeng ba lula ba tšoenyehile, ba e-na le khatello ea maikutlo hape ba e-na le bothata ba ho se je hantle. Ba ka boela ba e-ba le bothata ba ho noa haholo le ho sebelisa lithethefatsi.

  • Batho ba itlhomphang ha ba ipapise le batho ba bang ’me sena se etsa hore ho be bonolo hore ba utloane le batho ba bang le ho ba le metsoalle. Ka lehlakoreng le leng, motho ea sa itlhompheng hangata o rata ho tšoaea-tšoaea ba bang liphoso ’me seo se ka etsa hore a se ke a ba le metsoalle.

  • Batho ba itlhomphang baa mamella le ha ba e-na le mathata ’me ha ba lumelle mathata ho ba thibela ho fumana lintho tseo ba li batlang. Athe batho ba sa itlhompheng bona, ba bona bothata bo bonyenyane e le ntho e kholo ’me seo se etsa hore ba nyahame kapele.

U KA ETSA’NG E LE HORE U ITLHOMPHE?

Khetha metsoalle e tla u thusa hore u itlhomphe. E-ba motsoalle oa batho ba hlomphang, ba batlang hore u atlehe le ba u thusang ha u e-na le mathata.

“Motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle ’me ke ngoan’eno eo u ka mo tšepang linakong tsa mahlomola.”—Liproverbia 17:17.

Thusa batho ba bang. Ha u le motho ea mosa ’me u thusa batho ba bang ho akarelletsa le ba ke keng ba u thusa, u tla thaba e le kannete ka lebaka la ho fana. U tla boela u thabe le haeba ho se na motho ea u babatsang ka lintho tse ntle tseo u li entseng.

“Ho fana ho thabisa haholo ho feta ho fuoa.”—Liketso 20:35.

Thusa bana ba hao hore ba tsebe ho itlhompha. U ka etsa sena ka hore u ba tlohele hore ba itharollele mathata a bona haeba ba khona. Sena se tla thusa bana ho tseba hore ha mathata a le teng, ba lokela ho a mamella ’me ba tla itlhompha hona joale le ha ba se ba holile.

“Ruta ngoana tsela eo a lokelang ho e nka. Esita leha a tsofala a ke ke a e fapoha.”—Liproverbia 22:6.

Paki ea Jehova e ntse e ithuta Bibele le ’mè emong ba le reschurenteng.
Paki ea Jehova e ntse e ithuta Bibele le ’mè emong ba le reschurenteng.

LIPAKI TSA JEHOVA LI THUSA BATHO JOANG HORE BA ITLHOMPHE?

Ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova le ho ea libokeng tsa tsona ho thusa batho ho fetola bophelo ba bona le hore ba itlhomphe.

RE TŠOARA LIBOKA BEKE LE BEKE

Ha re le libokeng re thabela ho mamela lipuo tse thehiloeng Bibeleng ’me hangata rea ithuta hore na re ka itlhompha joang. Ho kenoa mahala libokeng tsa rona ’me re amohela motho e mong le e mong. Ha u le libokeng tsena, u tla ithuta hore na . . .

  • Molimo oa u tsotella?

  • morero oa bophelo ke ofe?

  • u ka etsa’ng hore u be le metsoalle le lelapa le thabileng?

U tla boela u fumane metsoalle ea sebele e tla u hlokomela.—1 Bakorinthe 12:​25, 26.

Ho tseba hore na ho etsahala’ng libokeng tsa rona, batla video e khutšoanyane e reng Ho Etsahala’ng Holong ea ’Muso? websaeteng ea jw.org/st.

RE ITHUTA BIBELE LE BATHO

Re ithuta Bibele le batho mahala re sebelisa buka ea U ka Thaba ka ho sa Feleng! Buka ena e hlalosa mangolo ka tsela e hlakileng, e na le lipotso, livideo le litšoantšo tse rutang. Ho ithuta Bibele ho thusa batho hore ba itlhomphe le ho fetola bophelo ba bona.

Ho bona kamoo ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova ho ka u tsoelang molemo kateng, batla video e khutšoanyane e reng Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Ithuta Bibele? websaeteng ea jw.org/st.

Israel Martínez.

ITHUTE HO EKETSEHILENG

Israel Martínez o ne a bona a sa tšoane le batho ba bang ka lebaka la ho se rutehe le ho futsaneha. Ho bona kamoo ho ea libokeng tsa Lipaki Tsa Jehova le ho ithuta Bibele ho ileng ha mo thusa hore a itlhomphe kateng, batla sehlooho se reng “Ha ke sa Ikutloa ke le Mosesaane” websaeteng ea jw.org.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela