U KA ETSA’NG HA LITHEKO LI NTSE LI PHAHAMA?
E-ba le Tšepo
Na theko ea lintho naheng eo u phelang ho eona e ntse e phahama ho feta mokholo oa hao? Na u tšoenyehile ka ho hlokomela uena le ba lelapa la hao? Haeba ho joalo, u ka ’na oa tšoenyeha ka bokamoso. Le maemong a boima joalo, ho ba le tšepo ke ntho ea bohlokoa haholo.
KE HOBANE’NG HA SEE E LE SA BOHLOKOA?
Ho ba le tšepo ha se feela ho lumela hore lintho tse ntle li tla etsahala. Empa ho akarelletsa ho etsa sohle seo re ka se khonang ka boemo boo re tobaneng le bona. Ka mohlala, lipatlisiso li bontša hore batho ba nang le tšepo . . .
ba khona ho mamella maemo a boima
ba khona ho feto-fetoha le maemo
ba etsa liqeto tse ba thusang hore ba lule ba phetse hantle
SEO U KA SE ETSANG
Ntlha ea pele, hlokomela kamoo Bibele e ka u thusang kateng hona joale. Bibele e na le likeletso tse ka u thusang ho sebetsana le litheko tse ntseng li phahama. Likeletso tsena li ka boetse tsa u thusa ho hlokomela hore ho na le seo u ka se etsang hona joale esita le nakong e tlang ha maemo a e-ba boima le ho feta.
Ntlha ea bobeli, hlokomela seo Bibele e se buang ka bokamoso. Ha u hlokomela kamoo likeletso tsa Bibele li leng bohlokoa kateng, u tla batla ho ithuta haholoanyane ka hore na Bibele e ruta’ng ka bokamoso. Ka mohlala, u tla ithuta hore Molimo ha a u batlele feela hore u be le “tšepo le bokamoso” empa o boetse o fane ka motheo oa tšepo eo, e leng ’Muso oa hae.—Jeremia 29:11.
’MUSO OA MOLIMO KE ENG, HONA O TL’O RE ETSETSA ENG?
’Muso oa Molimo ke puso e tla busa lefatše lohle. (Daniele 2:44; Matheu 6:10) Ka nako eo, ha ho motho ea tla utloa bohloko kapa a futsanehe ’me batho bohle ba tla phela ka khotso ba e-na le lintho tsohle tseo ba li hlokang hore ba thabe. Litemana tse latelang li re:
Batho ba limilione ba tšepa litšepiso tsena, hobane ba kholisehile hore Molimo ‘a ke ke a bua leshano.’ (Tite 1:2) Ke habohlokoa hore u iphe nako ea ho bala Bibele. Tšepo eo Bibele e fanang ka eona e ka u thusa ho mamella mathata a lichelete ’me ea u kholisa hore bokamoso bo tla ba molemo.