Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • scl maq. 119-120
  • Setsoalle le Lefatše

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Setsoalle le Lefatše
  • Litemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste
Litemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste
scl maq. 119-120

Setsoalle le Lefatše

Ke mang ea busang lefatše?

Ef 2:2; 1Jo 5:19

  • Mohlala oa Bibele o ka u thusang:

    • Lu 4:​5-8—Satane o ile a re a ka fa Jesu mebuso ea lefatše lena ’me Jesu ha aa ka a hana hore Satane o na le matla holim’a mebuso ea lefatše

Ho ka etsahala’ng ka setsoalle sa rona le Jehova haeba re etsa setsoalle le lefatše?

Jak 4:4; 1Jo 2:​15, 16

Sheba le Jak 1:27

  • Mohlala oa Bibele o ka u thusang:

    • 2Kr 18:​1-3; 19:​1, 2—Jehova o ile a khalemela Morena Josafate ea neng a lokile hobane a ile a etsa setsoalle le Morena Akabe ea khopo

Ho utloisisa tsela eo Jehova a talimang lefatše ka eona ho ka re thusa joang ha re khetha metsoalle?

Sheba “Metsoalle”

Ke hobane’ng ha re sa lokela ho ba le pono e tšoanang le ea lefatše ka chelete le maruo?

Sheba “Maruo”

Ke hobane’ng ha re sa lokela ho ba le pono e tšoanang le ea lefatše ka thobalano?

Gal 5:​19-21; 1Th 4:​3-5; 1Pe 1:​14, 15; 2:11

Ke hobane’ng ha Bakreste ba sa lokela ho fa batho kapa mekhatlo e itseng thoriso?

Mat 4:10; Bar 1:25; 1Ko 10:14

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Lik 12:​21-23—Jehova o ile a bolaea Morena Agripa hobane a ile a lumella batho hore ba mo rapele

    • Tše 22:​8, 9—Lengeloi le matla le ile la hana ha moapostola Johanne a le khumamela, ho e-na le hoo le ile la re ke Jehova feela eo re lokelang ho mo rapela

Ke hobane’ng ha Bakreste ba sa lokela ho kenella lipolotiking le linthong tsa bochaba?

Sheba “Mebuso—Bakreste ha ba Kenelle Lipolotiking”

Ke hobane’ng ha Bakreste ba sa sebelisane le malumeli a mang?

Sheba “Ho Kopanya bolumeli ba ’Nete le ba Bohata”

Ke hobane’ng ha Bakreste ba lokela ho ba le kutloisiso e fapaneng le ea lefatše ka melao ea Molimo?

Lu 10:16; Kol 2:8; 1Th 4:​7, 8; 2Ti 4:​3-5

Sheba le Lu 7:30

Ke hobane’ng ha batho ba lefatše ba hloile balateli ba Kreste ba bile ba ba hlorisa?

Joh 15:​18-20; 17:​9, 14, 16

Ke hobane’ng ha e se bohlale ho rata lintho tsa lefatše?

Esa 65:17; 1Jo 2:17

Ke joang Bakreste ba ka ratang batho ba sa sebeletseng Jehova le ho ba mosa ho bona?

Bar 12:​18-20; Gal 6:10

Ke hobane’ng ha Bakreste ba lokela ho hlompha melao ea naha, babusi le ba boholong pusong?

Mat 22:21; Bar 13:​1-7

  • Mohlala oa Bibele o ka u thusang:

    • Lik 25:8; 26:​2, 25—Moapostola Pauluse o ne a mamela melao le babusi

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela