Boikokobetso
Jehova o ikutloa joang ka batho ba ikhohomosang le ba ikokobelitseng?
Ps 138:6; Pr 15:25; 16:18, 19; 22:4; 1Pe 5:5
Sheba le Pr 29:23; Esa 2:11, 12
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
2Kr 26:3-5, 16-21—Morena Uzia o ile a ikhohomosa eaba o tlola molao oa Molimo. O ile a halefela baprista ha ba mo joetsa hore seo a se etsang se khahlanong le Molao oa Molimo. Ka lebaka leo, Jehova o ile a mo otla ka lepera
Lu 18:9-14—Jesu o ile a etsa papiso ho bontša hore na Jehova o ikutloa joang ka lithapelo tsa batho ba ikhohomosang le ba ikokobelitseng
Jehova o etsa’ng haeba re baka e le kannete ebile re ikokobetsa?
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
2Kr 12:5-7—Morena Roboame le likhosana tsa Juda ba ile ba ikokobetsa ha ba ne ba eletsoa. Kahoo, Jehova ha aa ka a ba felisa
2Kr 32:24-26—Morena Ezekiase o ile a ikhohomosa empa ha a ikokobetsa Jehova o ile a mo tšoarela
Ho ikokobetsa ho ka matlafatsa setsoalle sa rona le batho ba bang joang?
Ef 4:1, 2; Baf 2:3; Kol 3:12, 13
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
Ge 33:3, 4—Esau o ne a koatetse Jakobo haholo empa nakong eo ba neng ba kopana, Jakobo o ile a ikokobetsa. Ka lebaka la boikokobetso boo, ho ile ha e-ba le khotso hape pakeng tsa bona
Bhl 8:1-3—Moahloli Gideone o ile a bolella Baefraime hore ba ne ba entse mosebetsi o moholo ho feta oo eena a neng a o entse. Ka lebaka leo, Baefraime ha baa ka ba mo halefela kapa hona ho mo loantša
Jesu Kreste o re thusitse joang ho bona hore ke habohlokoa hore re ikokobetse?
Mat 18:1-5; 23:11, 12; Mar 10:41-45
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
Esa 53:7; Baf 2:7, 8—Joalokaha ho profetiloe, Jesu o ile a ikokobetsa ’me a tla lefatšeng e le hore a ka tl’o shoa lefu le bohloko le le tlotlollang
Lu 14:7-11—Jesu o ile a etsa papiso ea batho ba ileng ba khetha ho lula litulong tse fapaneng ha ba ne ba tlile lechatong hore bontša bohlokoa ba hore re be batho ba ikokobelitseng
Joh 13:3-17—Jesu o rutile barutuoa ba hae ho ikokobetsa ha a ne a hlatsoa maoto a baapostola ba hae. Mosebetsi oa ho hlatsoa maoto o ne o etsoa ke makhoba