Ho Mamela
Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho mamela?
Ex 19:5; De 10:12, 13; Moe 12:13; Jak 1:22
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
1Sa 15:17-23—Moprofeta Samuele o ile a khalemela Morena Saule ka lebaka la ho se mamele Jehova. Ka mor’a moo, Samuele o ile a hlalosa bohlokoa ba ho mamela
Heb 5:7-10—Le hoja Jesu a ne a lula a mamela Ntate oa hae, ha a le lefatšeng o ile a ithuta ho mo mamela le nakong eo a tšoaroang hampe
Mokreste o lokela ho etsa’ng haeba batho ba etellang pele pusong ba re a se ke a mamela Molimo?
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
Dan 3:13-18—Baheberu ba bararo ba ile ba hana ho inamela setšoantšo se neng se hlonngoe ke Morena Nebukadnezare le hoja ba ne ba tseba hore ba ka ’na ba bolaoa
Mat 22:15-22—Jesu o ile a re balateli ba hae ba lokela ho mamela ba etellang pele pusong ntle le haeba ba re ba se ke ba mamela Jehova Molimo
Lik 4:18-31—Baapostola ba ile ba tsoela pele ba bolela litaba tse monate le hoja babusi ba ne ba itse ba khaotse
Re lokela ho etsa’ng e le hore re lule re mamela melao ea Jehova?
De 6:1-5; Ps 112:1; 1Jo 5:2, 3
Sheba le Ps 119:11, 112; Bar 6:17
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
Esd 7:7-10—Moprista Esdrase o ne a ikemiselitse ho beha mohlala tabeng ea ho mamela Molao oa Molimo le ho o ruta ba bang
Joh 14:31—Jesu o ile a hlalosa hore na ke hobane’ng ha a mamela Ntate oa hae
Ke’ng e lokelang ho re susumeletsa ho mamela Jehova le Jesu?
Ke hobane’ng ha ho mamela ho bontša hore na re na le tumelo e matla hakae?
Bar 1:5; 10:16, 17; Jak 2:20-23
Sheba le De 9:23
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
Ge 6:9-22; Heb 11:7—Noe o ile a bontša tumelo ka hore a hahe areka ho ea kamoo Jehova a neng a mo laetse. O ile “a fela a etsa joalo”
Heb 11:8, 9, 17—Abrahama o ile a bontša hore o na le tumelo ka hore a mamele Jehova ha a re a tlohe motseng oa Ure le hore a etse sehlabelo ka mora oa hae
Jehova o tla re hlohonolofatsa joang ha re mo mamela?
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
Le 26:3-6—Jehova o ile a tšepisa hore o tla hlohonolofatsa a be a hlokomele batho ba mo mamelang
Nu 13:30, 31; 14:22-24—Jehova o ile a hlohonolofatsa Kalebe hobane o ile a mo mamela
Litla-morao tsa ho se mamele ke life?
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
Ge 2:16, 17; 3:17-19—Adama le Eva ba ile ba hloleha ho phela ka ho sa feleng Paradeiseng ba se na sebe hobane ha baa ka ba mamela Jehova Molimo
De 18:18, 19; Lik 3:12, 18, 22, 23—Jehova o ile a bolela hore o tla tlisa Moprofeta e moholo ho Moshe, a ba a re ba sa mameleng Moprofeta eo ba tla fuoa kotlo
Ju 6, 7—Mangeloi a ileng a fetohela Molimo le baahi ba Sodoma le Gomora ba ile ba halefisa Jehova ka lebaka la ho se mamele
Ke hobane’ng ha re lokela ho mamela Jesu Kreste?
Mohlala oa Bibele o ka u thusang:
Joh 12:46-48; 14:24—Jesu o ile a re batho ba sa mameleng mantsoe a hae ba tla ahloloa
Ke hobane’ng ha Bakreste ba lokela ho mamela ba etellang pele ka phuthehong?
Ke hobane’ng ha mosali oa Mokreste a lokela ho ikokobeletsa monna oa hae?
Ke hobane’ng ha bana ba lokela ho mamela batsoali ba bona?
Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:
Ge 37:3, 4, 8, 11-13, 18—Ha Josefa e sa le mocha o ile a mamela ntate oa hae ’me a tsamaea a e’o sheba bana babo le hoja ba ne ba mo hloile
Lu 2:51—Jesu o ile a mamela batsoali ba hae e leng Josefa le Maria le hoja eena a ne a se na sebe