Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • scl maq. 94-97
  • Mahloriso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mahloriso
  • Litemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste
Litemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste
scl maq. 94-97

Mahloriso

Ke hobane’ng ha Bakreste ba sa lokela ho makala ha ba hlorisoa?

Mat 10:22; Joh 15:​19-21; 16:​2, 3; 2Ti 3:12

Ke hobane’ng ha re lokela ho kopa Jehova hore a re fe matla ha re hlorisoa?

Ps 55:22; 2Ko 12:​9, 10; 2Ti 4:​16-18; Heb 13:6

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • 1Ma 19:​1-18—Ha moprofeta Elia a ne a hlorisoa, o ile a rapela ’me Jehova a mo khothatsa le ho mo tšelisa

    • Lik 7:​9-15—Ha Josefa a ne a hlorisoa ke bana babo, Jehova o ile a lula a e-na le eena a ba a mo sebelisa hore a pholose lelapa labo

Re ka hlorisoa ka litsela life?

Re ka songoa

2Kr 36:16; Mat 5:11; Lik 19:9; 1Pe 4:4

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • 2Ma 18:​17-35—Rabshake, ’muelli oa morena oa Asiria o ile a rohaka Jehova le batho ba Jerusalema

    • Lu 22:​63-65; 23:​35-37—Ka mor’a hore Jesu a tšoaroe, batho ba neng ba mo hlorisa ba ile ba mo rohaka le ho mo soma le ha a se a le palong

Re ka hlorisoa ke ba lelapa

Mat 10:​21, 35, 36

Re ka tšoaroa ra ba ra lokela ho hlaha ka pel’a makhotla a linyeoe

Mat 10:18; Mar 1:14; Lu 20:20; 21:12; Lik 5:18; 8:3; Tše 2:10

Re ka shapuoa

Mat 27:​29, 30; Joh 19:1; Lik 5:40; 16:​22, 23; 2Ko 11:​23-25

Re ka hlaseloa ke batho ba motse

Lu 4:​28, 29; Lik 14:19; 17:5

Re ka bolaoa

Mat 24:9; Lik 12:​1, 2

Bakreste ba lokela ho etsa’ng ha ba hlorisoa?

Mat 5:44; Lik 16:25; 1Ko 4:​12, 13; 1Pe 2:23

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Lik 7:57–8:1—Setefane o ile a hlaseloa ke sehlopha sa batho se neng se akareletsa Saule oa Tarsase. Pele a shoa o ile a kopa Jehova hore a ba tšoarele

    • Lik 16:​22-34—Ha moapostola Pauluse a ne a le teronkong ka mor’a hore a shapuoe le ho tšoaroa hampe, o ile a tšoara molebeli oa teronko hantle ’me monna eo le ba lelapa la hae e ile ea e-ba Bakreste

Bakreste ba mehleng ea baapostola ba ile ba tšoaroa joang?

Lik 7:​52, 54, 60

Re lokela ho ba le maikutlo afe ha re hlorisoa?

Lik 5:41; Baf 1:​27-29; Heb 11:​24-26

Tšepo eo re nang le eona e re thusa joang ha re hlorisoa?

Mat 10:​28, 29; Heb 11:​35-40

Sheba le Baf 3:​8, 10, 11; Tše 2:10

Ke hobane’ng ha re sa lokela ho lumella batho ba re hlorisang hore ba re tšose, ba re nyahamise kapa ba etse hore re soabele lintho tseo re li lumelang hona ke hobane’ng ha re lokela ho tsoela pele re sebeletsa Jehova?

Ps 56:​1-4; Lik 4:​18-20; 2Ti 1:​8, 12

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • 2Kr 32:​1-22—Ha Morena Sankeribe a ne a hlasela Jerusalema ka lebotho la hae le leholo, Morena Ezekiase o ile a tšepa Jehova a ba a khothatsa sechaba ’me ka lebaka leo o ile a hlohonolofatsoa

    • Heb 12:​1-3—Batho ba neng ba hlorisa Jesu ba ne ba leka ho mo tlotlolla empa ha aa ka a lumella lintho tseo ba neng ba mo etsa tsona hore li mo nyahamise

Ke lintho life tse thabisang tse ka etsahalang ha re hlorisoa?

Re thabisa Jehova ebile re halaletsa lebitso la hae ha re mamella mahloriso

1Pe 2:​19, 20; 4:​12-16

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Job 1:​6-22; 2:​1-10—Jobo o ne a sa tsebe hore ke Satane ea neng a mo hlorisa, ho ntse ho le joalo o ile a tšepahalla Jehova. Ntho eo a ileng a e etsa e ile ea bontša hore Satane o leshano ’me ea halaletsa lebitso la Jehova

    • Dan 1:​6, 7; 3:​8-30—Hanania, Mishaele le Azaria (Shadrake, Meshake le Abednego) ba ne ba ikemiselitse ho shoa hobane ba batla ho mamela Jehova. Tumelo ea bona e ile ea etsa hore Morena Nebukadnezare a rorise Jehova

Batho ba bang ba ka batla ho ithuta ka Jehova ha ba bona re hlorisoa

Lu 21:​12, 13; Lik 8:​1, 4

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Lik 11:​19-21—Bakreste ba ileng ba tloha moo ba lulang ka lebaka la ho hlorisoa, ba ile ba tsoela pele ho bolela litaba tse monate libakeng tse ling tse ngata

    • Baf 1:​12, 13—Moapostola Pauluse o ile a thaba ha a utloa hore batho ba bangata ba ithuta ka Jehova hobane ba utloile hore o koalletsoe teronkong ka lebaka la ho bolela litaba tse monate

Bakreste-’moho le rona ba ba le tumelo e matla ha ba bona re mamella ha re hlorisoa

Baf 1:14; 2Th 1:4

Baeta-pele ba bolumeli le bo-ralipolotiki ba etsa’ng e le hore Bakreste ba hlorisoe?

Jer 26:11; Mar 3:6; Joh 11:​47, 48, 53; Lik 25:​1-3

  • Mehlala ea batho ba ka Bibeleng e ka u thusang:

    • Lik 19:​24-29—Batho ba Efese ba neng ba etsa le ho rekisa litšoantšo tse neng li sebelisoa borapeling ba bohata, ba ile ba hlorisa Bakreste hobane ba re molaetsa oa bona o tla senya khoebo ea bona

    • Gal 1:​13, 14—Pele Pauluse e e-ba Mokreste, o ile a hlorisa Bakreste hobane a ne a chesehela bolumeli ba Bojuda

Ke mang ea susumeletsang batho hore ba hlorise Lipaki Tsa Jehova?

1Pe 5:8; Tše 12:17

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela