Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w13 7/1 leq. 16
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Thekollo ke Mpho ea Bohlokoa e Tsoang ho Molimo
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Jesu Kreste ke Mang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Jesu Kreste ke Mang?
    Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo!
  • Jesu oa Pholosa—Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
w13 7/1 leq. 16

LIPOTSO TSA BIBELE LIA ARAJOA

Na ho ka etsahala hore re phele ka ho sa feleng?

Ke tokisetso efe e ka re lokollang lefung?

Motho oa pele, Adama, o ile a phela lilemo tse makholo. Empa qetellong, o ile a tsofala ’me a shoa. Haesale ho tloha ka nako eo, batho ba ’nile ba leka ho etsa lintho tse ngata ho qoba botsofali. Ho ntse ho le joalo, ha ho le ea mong ea kileng a phonyoha lefu. Hobane’ng? Adama o ile a tsofala ’me a shoa ka lebaka la hore o ile a etsa sebe ka ho se mamele Molimo. Rōna re tsofala ka lebaka la hore re ile ra futsa sebe ho Adama ’me ka lebaka la sebe seo, rea shoa.—Bala Genese 5:5; Baroma 5:12.

E le hore re fumane bophelo bo sa feleng, re hloka motho e mong ea tla re rekolla. (Jobo 33:24, 25) Thekollo ke tefo e lefshoang ho lokolla motho e mong, kahoo rōna re hloka motho ea ka re lokollang lefung. (Exoda 21:29, 30) Jesu o ile a re lefella ka ho re shoela.—Bala Johanne 3:16.

Re ka fumana bophelo bo sa feleng joang?

Hase batho bohle ba tla lokolloa ho kuleng le botsofaling. Ha e le hantle, batho ba sa mameleng Molimo joaloka Adama, ba ke ke ba rua bophelo. Ke batho ba tšoaretsoeng libe feela ba tla fumana bophelo bo sa feleng.—Bala Esaia 33:24; 35:3-6.

E le hore re tšoareloe libe, re lokela ho etsa ho hong. Re lokela ho ithuta Lentsoe la Molimo, Bibele, e le hore re mo tsebe. E re ruta kamoo re ka phelang ka tsela e molemo kateng le kamoo re ka amoheloang ke Molimo le ho fumana bophelo bo sa feleng.—Bala Johanne 17:3; Liketso 3:19.

E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, sheba khaolo ea 3 bukeng ena ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela