Thuso Bakeng sa Basali ba Tšoaroang Hampe
“ BASALI le banana ba limilione lefatšeng lohle ba ile ba hlekefetsoa. Na le uena u e mong oa bona? Bona hore na ke hobane’ng ha Molimo a nka tšireletseho ea hao e le ea bohlokoa le hore na o tla etsa’ng ka tsela e mpe eo basali ba tšoeroeng ka eona.”
Ana ke mantsoe a qalang a hlahang sehloohong se ho jw.org/st se reng “Bibele e Re’ng ka Tšireletseho ea Basali?” Qetellong ea sehlooho seo, ho na le link e u lumellang ho daonlouda PDF eo u ka e printang le ho e mena hore e be pampitšana e maqephe a mane. Morali oa bo rona Stacy ea lulang Amerika o re: “Ke ile ka printa likopi tsa pampitšana ena, ’me ’na le morali oa bo rona e mong ra li isa lehaeng le tšimong ea rona la basali ba hlekefetsoang le ba nang le mathata.”
’Mè e mong ea sebetsang lehaeng leo, o ile a kopa hore ho tlisoe likopi tse ling tse eketsehileng e le hore a ka li fa batho ba lulang moo. Barali ba bo rona ba babeli ba ile ba isa lipampitšana tseo tse 40 le likarete tsa boitsebiso tsa jw.org tse 30. Hamorao, ’mè ea ikarabellang lehaeng leo o ne a batla hore Lipaki Tsa Jehova li bontše bo-’mè ba lulang moo hore na ba ka ithuta Bibele joang.
Morali oa bo rona Stacy le barali ba bo rona ba babeli ba ile ba atleha ho fana ka likopi tse hlano tsa lipampitšana tsena lehaeng le leng ’me ho ile ha koptjoa tse eketsehileng. ’Mè e mong ea sebetsang lehaeng leo o ile a re: “Pampitšana ena e tla thusa bo-’mè ba lulang mona.” O ile a boela a re: “Rea e hloka.” Hamorao, bo-’mè ba bang ba lulang moo ba ile ba tla ho tla bona hore na thuto ea Bibele e khannoa joang ’me ba babeli ba bona ba ile ba bontša thahasello ea ho tla libokeng Holong ea ’Muso mafelo bekeng a latelang.
Morali oa bo rona Stacy o re: “Re ne re hlolletsoe ke ho bona kamoo batho ba thabelang ho bala pampitšana ena kateng. Ha e printiloe ebile e mennoe hantle, e ba mokhoa o motle oa ho bolella bo-’mè bana ba tšoeroeng hampe litaba tse monate tsa ’Muso oa Molimo. Re ne re thabisoa ke ho bona kamoo batho ba thabelang molaetsa oa rona kateng. Re ne re boetse re thabisoa haholo ke ho bona kamoo Jehova a re thusang kateng ha re ntse re tsoela pele ho bolella bo-’mè bana litaba tse monate.”