Genese
42 Qetellong Jakobo a bona hore ho na le lijo-thollo Egepeta.+ Joale Jakobo a re ho bara ba hae: “Ke hobane’ng ha le ntse le talimana?” 2 Eaba oa eketsa: “Bonang! ke utloile hore ho na le lijo-thollo Egepeta.+ Theohelang teng ’me le re rekele moo, e le hore re tsoele pele re phela ’me re se ke ra shoa.” 3 Tumellanong le hoo barab’abo Josefa ba leshome ba theohela Egepeta ho ea reka lijo-thollo. 4 Empa Jakobo ha aa ka a romela Benjamine,+ mor’abo Josefa, hammoho le barab’abo ba bang, hobane a itse: “Mohlomong a ka hlaheloa ke kotsi e bolaeang.”+
5 Kahoo bara ba Iseraele ba tla le ba bang ba neng ba tlil’o reka, hobane tlala e le teng naheng ea Kanana.+ 6 Josefa e ne e le eena monna ea busang naha.+ Ke eena ea neng a rekisetsa batho bohle ba lefatše.+ Ka lebaka leo barab’abo Josefa ba tla ’me ba mo inamela lifahleho li shebile fatše.+ 7 Ha Josefa a bona barab’abo, hang-hang a ba tseba, empa a ikhakanyetsa bona.+ Kahoo a bua le bona ka thata a re ho bona: “Le tsoa hokae?” eaba ba re: “Re tsoa naheng ea Kanana ho tla reka lijo.”+
8 Kahoo Josefa a tseba barab’abo, empa ba ne ba sa mo tsebe. 9 Kapele-pele Josefa a hopola litoro tseo a ileng a li lora ka bona,+ ’me a tsoela pele ho re ho bona: “Le lihloela! Le tlil’o bona boemo bo pepesehileng ba naha!”+ 10 Joale ba re ho eena: “Che, moren ’a ka, empa bahlanka ba hao+ ba tlil’o reka lijo. 11 Kaofela re bara ba motho a le mong. Re banna ba lokileng. Bahlanka ba hao ha se lihloela.”+ 12 Empa a re ho bona: “Ha ho joalo! Hobane le tlil’o bona boemo bo pepesehileng ba naha!”+ 13 Eaba ba re: “Bahlanka ba hao ke bara ba motho ba leshome le metso e ’meli. Re bara ba motho a le mong+ naheng ea Kanana; bona! e monyenyane o na le Ntate kajeno,+ athe e mong ha a sa le eo.”+
14 Leha ho le joalo, Josefa a re ho bona: “Ke seo ke le boleletseng sona, ka re, ‘Le lihloela!’ 15 Le tla lekoa ka sena. Ka Faro ea phelang, le ke ke la tloha mona haese ha mor’abo lōna e monyenyane a ka tla mona.+ 16 Romelang e mong oa lōna hore a tle le mor’abo lōna ha le ntse le tlamiloe, hore mantsoe a lōna a lekoe hore ke ’nete tabeng ea lōna.+ Haeba ho se joalo, ka Faro ea phelang, le lihloela.” 17 Eaba o ba kenya hammoho litlamong ka matsatsi a mararo.
18 Ka mor’a moo Josefa a re ho bona letsatsing la boraro: “Etsang sena ’me le tsoele pele le phela. Ke tšaba+ Molimo oa ’nete. 19 Haeba le lokile, ho ke ho sale a le mong oa barab’abo lōna a tlamiloe ka tlung ea lōna ea botlamuoa,+ empa lōna ba bang le tsamaee, le nke lijo-thollo bakeng sa tlala e matlong a lōna.+ 20 Joale le ntlisetse mor’abo lōna e monyenyane, hore mantsoe a lōna a fumanoe a tšepahala; ’me le ke ke la shoa.”+ Eaba ba etsa joalo.
21 Ba qala ho buisana ba re: “Ntle ho pelaelo re molato mabapi le mor’abo rōna,+ hobane re bone mahlomola a moea oa hae ha a kōpa hore re mo qenehele, empa ha rea ka ra mamela. Ke ka lebaka leo mahlomola a re oetseng holimo.”+ 22 Joale Rubene a ba araba, a re: “Na ha kea ka ka re ho lōna, ‘Le se ke la siteloa ngoana,’ empa ha lea ka la mamela?+ Joale mali a hae, bonang! ka sebele aa batloa.”+ 23 Ha e le bona, ba ne ba sa tsebe hore Josefa o mametse, hobane ho ne ho e-na le mofetoleli pakeng tsa bona. 24 Ka lebaka leo a ba furalla eaba o qala ho lla.+ Eaba o khutlela ho bona o bua le bona ’me o nka Simeone+ ho bona o mo tlama ka pel’a mahlo a bona.+ 25 Ka mor’a moo Josefa a fana ka taelo, ’me ba qala ho tlatsa lijo-thollo ho lintho tseo ba tšelang ho tsona. Hape, ba ne ba lokela ho khutlisetsa chelete ea banna bao ka mokotleng+ oa e mong le e mong le ho ba fa mofaho bakeng sa tsela.+ Tumellanong le hoo ba etsetsoa joalo.
26 Kahoo ba belesa lijo-thollo tsa bona lieseleng ’me ba tloha moo. 27 Ha e mong a bula mokotla oa hae hore a fe esele ea hae furu sebakeng sa bolulo,+ a bona chelete ea hae, ’me bonang! e ne e le molomong oa mokotla oa hae.+ 28 Eaba o re ho barab’abo: “Chelete ea ka e khutlisitsoe ’me bonang! e ka mokotleng oa ka!” Joale lipelo tsa bona tsa tepella, kahoo ba shebana ba thothomela,+ ba re: “Ke eng ena eo Molimo a re entseng eona?”+
29 Qetellong ba fihla ho ntat’a bona Jakobo naheng ea Kanana ’me ba mo bolella lintho tsohle tse ba hlahetseng, ba re: 30 “Monna eo e leng morena oa naha o buile ka thata le rōna,+ kaha o ne a nka hore re banna ba hloelang naha.+ 31 Empa re itse ho eena, ‘Re banna ba lokileng.+ Ha re lihloela. 32 Re bara ba motho ba leshome le metso e ’meli,+ bara ba Ntate.+ E mong ha a sa le eo,+ ’me e monyenyane o na le Ntate kajeno naheng ea Kanana.’+ 33 Empa monna eo e leng morena oa naha o itse ho rōna,+ ‘Ke tla tseba ka sena hore le lokile: E-reng e mong oa barab’abo lōna a sale le ’na.+ Joale le nke ho hong bakeng sa tlala e matlong a lōna ’me le tsamaee.+ 34 Le ntlisetse mor’abo lōna e monyenyane, ke tle ke tsebe hore ha le lihloela empa le lokile. Ke tla le khutlisetsa mor’abo lōna, ’me le ka hoeba naheng ena.’”+
35 Eitse ha ba tšolla mekotla ea bona seshoba sa chelete sa e mong le e mong se ne se le mokotleng oa hae. Bona hammoho le ntat’a bona ba bona lishoba tsa bona tsa chelete, ’me ba tšoha. 36 Joale ntat’a bona Jakobo a hooa a re ho bona: “Ke ’na eo le mo amohileng bana!+ Josefa ha a sa le eo le Simeone ha a sa le eo,+ ’me le tlil’o nka Benjamine! Ke ’na ea hlahetsoeng ke lintho tsena tsohle!” 37 Empa Rubene a re ho ntat’ae: “U bolaee bara ba ka ba babeli haeba ke sa mo khutlisetse ho uena.+ Mo behe tlhokomelong ea ka, ’me ke tla mo khutlisetsa ho uena.”+ 38 Leha ho le joalo, a re: “Mora oa ka a ke ke a theoha le lōna, hobane mor’abo o shoele ’me o setse a le mong.+ Haeba a ka hlaheloa ke kotsi e bolaeang tseleng eo le tsamaeang ka eona, joale ka sebele le tla theolela moriri oa ka o moputsoa Sheole ka mesarelo.”+