Genese
43 Tlala e ne e le khōlō naheng.+ 2 Hang ha ba qetile ho ja lijo-thollo tseo ba tlileng le tsona Egepeta,+ ntat’a bona a re ho bona: “Khutlang, le re rekele lijonyana.”+ 3 Joale Juda a re ho eena:+ “Monna eo o re paketse ka ho hlaka, a re, ‘Le se ke la boela la talima sefahleho sa ka ntle le haeba le e-na le mor’abo lōna.’+ 4 Haeba u romela mor’abo rōna hammoho le rōna,+ re ikemiselitse ho ea le ho u rekela lijo. 5 Empa haeba u sa mo romele, re ke ke ra ea, hobane monna eo o itse ho rōna, ‘Le se ke la boela la talima sefahleho sa ka ntle le haeba le tla le mor’abo lōna.’”+ 6 Eaba Iseraele oa hooa:+ “Ke hobane’ng ha le nkentse hampe ka ho bolella monna eo hore le na le mor’abo lōna e mong?” 7 Eaba ba re: “Monna eo ka ho toba o botsitse ka rōna le beng ka rōna, a re, ‘Na ntat’a lōna o sa ntsane a phela?+ Na le na le mor’abo lōna e mong?’ eaba re mo bolella litaba tsena.+ Re ne re ka tseba joang hore ka sebele o ne a tla re, ‘Tlisang mor’abo lōna’?”+
8 Qetellong Juda a re ho ntat’ae Iseraele: “Romela moshanyana le ’na,+ e le hore re tsamaee re tle re tsoele pele re phela ’me re se ke ra shoa,+ rōna le uena le bana ba rōna ba banyenyane.+ 9 Ke ’na ea tla behoa paneng bakeng sa hae.+ U ka batla tefo ea hae letsohong la ka.+ Haeba ke hlōleha ho mo tlisa ho uena le ho mo hlahisa ho uena, joale ke tla be ke u sitetsoe ka ho sa feleng. 10 Empa haeba re ne re sa lieha, hona joale re ka be re khutletse moo ka makhetlo ana a mabeli.”
11 Kahoo ntat’a bona Iseraele a re ho bona: “Joale, haeba ho joalo,+ etsang sena: Nkang lihlahisoa tsa boleng bo botle ka ho fetisisa ka linthong tseo le tšelang ho tsona ’me le li ise ho monna eo e le mpho:+ balsame e nyenyane,+ le mahe a linotši a manyenyane,+ labdaname le makhapetla a nang le boroku ba sefate,+ linate tsa pistachio le lialmonde.+ 12 Hape, matsohong le nke chelete e lekanang le ea pele habeli; ’me chelete e ileng ea khutlisetsoa melomong ea mekotla ea lōna le e khutlise ka matsoho a lōna.+ Mohlomong e ne e le phoso.+ 13 Le nke mor’abo lōna ’me le tlohe, le khutlele ho monna eo. 14 E se eka Molimo ea Matla ’Ohle a ka le hauhela ka pel’a monna eo,+ hore ka sebele a le lokollele mor’abo lōna e mong le Benjamine. Empa ’na, haeba ke tla amohuoa bana ba ka, ka sebele ke tla ba amohuoa!”+
15 Tumellanong le hoo banna bao ba nka mpho ena, ’me matsohong ba nka chelete e lekanang le ea pele habeli le Benjamine. Joale ba tloha ba ea Egepeta ’me ba ema ka pel’a Josefa.+ 16 Ha Josefa a bona ba e-na le Benjamine, hang-hang a re ho monna ea okametseng ntlo ea hae: “Isa banna bana ka tlung u hlabe liphoofolo ’me u lokise,+ hobane banna bana ba tla ja le ’na motšehare.” 17 Kapele-pele monna eo a etsa feela joalokaha Josefa a boletse.+ Eaba monna eo o isa banna bana ntlong ea Josefa. 18 Empa banna bao ba tšoha hobane ba isitsoe ka tlung ea Josefa,+ eaba ba qala ho re: “Ke ka lebaka la chelete eo qalong re ileng ra khutla ka eona e le mekotleng ea rōna hore ebe re khutliselitsoe mona bakeng sa hore ba itihele holim ’a rōna ba re hlasele ’me ba re etse makhoba hammoho le liesele tsa rōna!”+
19 Kahoo ba atamela monna ea okametseng ntlo ea Josefa ba bua le eena monyako oa ntlo, 20 ba re: “Re tšoarele, moren ’a ka! Ke ’nete hore qalong re ile ra theohela mona ho tla reka lijo.+ 21 Empa eare ha re fihla sebakeng sa bolulo+ ’me re qala ho bula mekotla ea rōna, bona! chelete ea e mong le e mong e ne e le molomong oa mokotla oa hae, chelete ea rōna ka boima bo feletseng. Kahoo re rata ho e khutlisa ka matsoho a rōna.+ 22 Re tlile le chelete e eketsehileng matsohong a rōna ho tla reka lijo. Ka sebele ha re tsebe hore na ke mang ea kentseng chelete ea rōna ka mekotleng ea rōna.”+ 23 Joale a re: “Ho lokile. Le se ke la tšoha.+ Molimo oa lōna le Molimo oa ntat’a lōna o le file letlotlo ka mekotleng ea lōna.+ Chelete ea lōna e tlile ho ’na pele.” Ka mor’a moo a ba ntšetsa Simeone.+
24 Joale monna eo a tlisa banna bana ka tlung ea Josefa ’me a fana ka metsi hore ba hlatsuoe maoto,+ a fana ka furu bakeng sa liesele tsa bona.+ 25 Eaba ba lokisa mpho+ bakeng sa ha Josefa a tla motšehare, hobane ba ne ba utloile hore ba tlil’o jela bohobe moo.+ 26 Ha Josefa a kena ka tlung, joale ba mo tlisetsa mpho e matsohong a bona ka tlung, ’me ba itihela fatše ka lifahleho ka pel’a hae.+ 27 Ka mor’a moo a ba botsa hore na ebe ba ntse ba ea hantle eaba o re:+ “Na ntat’a lōna, monna ea hōlileng eo le buileng ka eena, o ntse a e-ea hantle? Na o sa ntse a phela?”+ 28 Eaba ba re: “Mohlanka oa hao Ntate o ntse a e-ea hantle. O sa ntse a phela.” Joale ba inama ’me ba itihela fatše ka lifahleho.+
29 Ha a phahamisa mahlo ’me a bona Benjamine mor’abo, mora oa ’m ’ae,+ a re: “Na enoa ke mor’abo lōna, e monyenyane eo le mpoleletseng ka eena?”+ Eaba oa eketsa: “E se eka Molimo a ka u bontša mohau oa hae,+ mora oa ka.” 30 Joale Josefa o ne a potlakile, hobane maikutlo a hae a ile a phahama ka lebaka la mor’abo,+ hoo a ileng a batla sebaka seo a tla llela ho sona eaba o ea kamoreng e ka hare ’me o ntšetsa meokho teng.+ 31 Ka mor’a moo a iphotla ’me a tsoela ka ntle eaba oa itšoara o re:+ “Tšolang lijo.”+ 32 Eaba ba mo tšolela a le mong le bona ba le bang le Baegepeta ba jang le eena ba le bang; etsoe Baegepeta ba ne ba sa khone ho ja le Baheberu, hobane e le ntho e manyala ho Baegepeta.+
33 Ba ne ba lutse ka pel’a hae, letsibolo ho ea ka tokelo ea lona joaloka letsibolo+ le e monyenyane ho ea ka bonyenyane ba hae; ’me banna bana ba ’na ba shebana ka ho makala. 34 A ’na a ba neheletsa lijo, empa a eketsa lijo tsa Benjamine ka makhetlo a mahlano ho feta lijo tsa ba bang kaofela.+ Kahoo ba tsoela pele ho keteka le ho noa le eena ho fihlela ba khotsofala.+