2 Samuele
8 Ka mor’a moo Davida a hlasela Bafilista+ a ba hlōla,+ ’me Davida a hapa Methege-ama matsohong a Bafilista.
2 A tsoela pele ho hlasela Bamoabe+ ’me a ba lekanya ka khoele, a ba robatsa fatše, e le hore a ka lekanya likhoele tse peli ho ba bolaea, le khoele e feletseng ho ba boloka ba phela;+ Bamoabe ea e-ba bahlanka ba Davida ba ntšang sethabathaba.+
3 Davida a tsoela pele ho hlasela Hadadezere mora oa Rehobe morena oa Zoba+ ha a ne a il’o tsosolosa taolo ea hae hape nōkeng ea Eufrate.+ 4 Davida a hapa ho eena banna ba lipere ba sekete le makholo a supileng le banna ba likete tse mashome a mabeli ba tsamaeang ka maoto; Davida a khaola mesifa+ ea lipere+ tsohle tse hulang likoloi, empa ho tsona a siea lipere tse lekholo tse hulang likoloi.
5 Eitse ha Syria ea Damaseka+ e tlil’o thusa Hadadezere morena oa Zoba, joale Davida a bolaea har’a Basyria banna ba likete tse mashome a mabeli a metso e ’meli. 6 Ho ekelletsa moo, Davida a beha mabotho a lulang setsing sa sesole+ Syria ea Damaseka; Basyria ea e-ba bahlanka ba Davida ba ntšang sethabathaba. Jehova a tsoela pele ho pholosa Davida kae kapa kae moo a neng a e-ea teng.+ 7 Ho feta moo, Davida a nka lithebe+ tse chitja tsa khauta tse neng li le ho bahlanka ba Hadadezere eaba o li tlisa Jerusalema. 8 Morena Davida a nka koporo e ngata haholo Betha le Berothai, metse ea Hadadezere.
9 Joale Toi morena oa Hamathe+ a utloa hore Davida o ne a bolaile lebotho lohle la sesole la Hadadezere. 10 Kahoo Toi a romela mora oa hae Jorame ho Morena Davida ho mo botsa hore na o phela joang+ le ho mo lebohela ka hore ebe o ne a loantšitse Hadadezere hoo a ileng a mo bolaea (etsoe Hadadezere o ne a koetlisitsoe ntoeng khahlanong le Toi); letsohong la hae ho ne ho e-na le lintho tsa silevera le lintho tsa khauta le lintho tsa koporo. 11 Le tsona Morena Davida a li halaletsa ho Jehova, hammoho le silevera le khauta eo a neng a e halalelitse e tsoang ho lichaba tsohle tseo a neng a li hlōtse,+ 12 ho Syria le ho Moabe+ le ho bara ba Ammone le ho Bafilista+ le ho Baamaleke+ le thepeng e hapuoeng ea Hadadezere mora oa Rehobe morena oa Zoba.+ 13 Davida a iketsetsa lebitso ha a khutla ho bolaeeng Baedomo Phuleng ea Letsoai+—ba likete tse leshome le metso e robeli. 14 A beha mabotho a lulang setsing sa sesole Edomo.+ Ho Edomo eohle a beha mabotho a lulang setsing sa sesole, eaba Baedomo bohle e ba bahlanka ba Davida;+ Jehova a ’na a pholosa Davida kae kapa kae moo a neng a e-ea teng.+
15 Davida a ’na a busa Baiseraele bohle;+ Davida o ne a sa khaotse ho etsetsa batho bohle ba hae qeto ea boahloli le ho loka.+ 16 Joabe+ mora oa Tseruja o ne a okametse lebotho; Josafate+ mora oa Akilude e ne e le motlalehi. 17 Tsadoke+ mora oa Akitube le Akimeleke mora oa Abiathare e ne e le baprista, ’me Seraia e le mongoli. 18 Benaia+ mora oa Jehojada o ne a okametse Bakerethe+ le Bapelethe.+ Ha e le bara ba Davida, ea e-ba baprista.+