2 Samuele
9 Davida a re: “Na ho sa ntse ho e-na le mang kapa mang ea setseng oa ntlo ea Saule, e le hore nka mo bontša mosa o lerato+ ka lebaka la Jonathane?”+ 2 Joale ntlo ea Saule e ne e e-na le mohlanka eo lebitso la hae e neng e le Tsiba.+ Kahoo ba mo bitsetsa ho Davida, joale morena a re ho eena: “Na ke uena Tsiba?” eaba o re: “Ke ’na mohlanka oa hao.” 3 Morena a tsoela pele ho re: “Na ha ho sa na le ea mong oa ntlo ea Saule, e le hore nka mo bontša mosa o lerato oa Molimo?”+ Eaba Tsiba o re ho morena: “Ho sa ntse ho e-na le mora oa Jonathane, ea holofetseng maoto.”+ 4 Joale morena a re ho eena: “O hokae?” Kahoo Tsiba a re ho morena: “Bona! O ka tlung ea Makire+ mora oa Amiele e Lo-debare.”+
5 Kapele-pele Morena Davida a romeletsa ’me a mo tlosa ntlong ea Makire mora oa Amiele e Lo-debare. 6 Ha Mefiboshethe mora oa Jonathane mora oa Saule a kena ho Davida, hang-hang a itihela fatše ka sefahleho ’me a khumama.+ Joale Davida a re: “Mefiboshethe!” eaba o re: “Mohlanka oa hao ke enoa.” 7 Davida a tsoela pele ho re ho eena: “U se ke ua tšoha, etsoe ruri ke tla u bontša mosa o lerato+ ka lebaka la ntat’ao Jonathane;+ ke tla u khutlisetsa tšimo+ eohle ea ntat’ao moholo Saule, ’me u tla ja bohobe tafoleng ea ka kamehla.”+
8 Eaba o itihela fatše ka sefahleho ’me o re: “Mohlanka oa hao ke eng, hore ebe u retellelitse sefahleho sa hao ho ntja+ e shoeleng e kang ’na?” 9 Joale morena a bitsa Tsiba, mohlanka oa Saule, ’me a re ho eena: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo e neng e le ea Saule le ea ntlo eohle ea hae ke e fa+ setloholo sa mong’a hao. 10 U tla mo lemela mobu, uena le bara ba hao le bahlanka ba hao, ’me u tla bokella, ’me e tla ba lijo tsa bao e leng ba setloholo sa mong’a hao, ’me ba tla ja; empa Mefiboshethe, setloholo sa mong’a hao, o tla ja bohobe tafoleng ea ka kamehla.”+
Joale Tsiba o ne a e-na le bara ba leshome le metso e mehlano le bahlanka ba mashome a mabeli.+ 11 Kahoo Tsiba a re ho morena: “Tumellanong le sohle seo khosi ea ka morena a se laelang mohlanka oa hae ke tsela eo mohlanka oa hao a tla etsa ka eona; empa Mefiboshethe+ o ntse a ja tafoleng ea ka joaloka e mong oa bara ba morena.” 12 Joale Mefiboshethe o ne a e-na le mora e monyenyane eo lebitso la hae e neng e le Mika, ’me bohle ba lulang ka tlung ea Tsiba e ne e le bahlanka ba Mefiboshethe. 13 Mefiboshethe o ne a lula Jerusalema, etsoe o ne a ja tafoleng ea morena kamehla;+ ’me o ne a holofetse maoto ka bobeli.+