1 Dikronike
22 Joale Davida a re: “Ena ke ntlo+ ea Jehova Molimo oa ’nete, ’me ena ke aletare+ ea nyehelo ea secheso bakeng sa Iseraele.”
2 Joale Davida a re ho phuthoe bajaki+ bohle hammoho ba neng ba le naheng ea Iseraele, joale a ba beha hore e be babetli+ ba majoe hore ba betle majoe+ a nang le mahlakore a mane a lekanang bakeng sa ho haha ntlo ea Molimo oa ’nete. 3 Davida a lokisa tšepe e ngata haholo bakeng sa lipekere tsa mamati a liheke le bakeng sa lintho tse kopanyang, le koporo ka bongata bo ke keng ba lekanngoa,+ 4 le lifate tsa kedare+ tse se nang palo; etsoe Basidone+ le Batyre ba ile ba tlisetsa Davida lifate tsa kedare tse ngata haholo. 5 Ka lebaka leo Davida a re: “Mora oa ka Solomone o mocha ’me ha aa tiea,+ ’me ntlo e lokelang ho haheloa Jehova e lokela ho ba e hlollang+ ka mokhoa o fetisisang ka botle+ linaheng tsohle. Kahoo, e-re ke mo lokisetse.” Kahoo Davida a lokisetsa lintho tse ngata haholo pele ho lefu la hae.+
6 Ho feta moo, a bitsa mora oa hae Solomone e le hore a ka mo laela hore a hahele Jehova Molimo oa Iseraele ntlo. 7 Davida a tsoela pele ho re ho mora oa hae Solomone: “Ha e le ’na, e ile ea e-ba takatso ea pelo+ ea ka ho hahela lebitso+ la Jehova Molimo oa ka ntlo. 8 Empa lentsoe la Jehova le ile la tla khahlanong le ’na, le re, ‘U tšolotse mali a mangata haholo, ’me u loanne+ lintoa tse khōlō. U ke ke ua hahela lebitso la ka ntlo, etsoe u tšolotse mali a mangata haholo lefatšeng ka pel’a ka. 9 Bona! U tla tsoalloa mora.+ E tla ba motho oa phomolo, ’me ka sebele ke tla mo fa phomolo ho lira tsohle tsa hae ka hohle;+ lebitso la hae e tla ba Solomone,+ ’me ke tla beha khotso+ le khutso holim ’a Iseraele matsatsing a hae. 10 Ke eena ea tla hahela lebitso+ la ka ntlo, ’me e tla ba mora oa ka, ’me ’na ke be ntat’ae.+ Ka sebele ke tla tiisa terone ea borena+ ba hae ka thata holim ’a Iseraele ho isa nakong e sa lekanyetsoang.’
11 “Joale, mora oa ka, e se eka Jehova a ka ba le uena, ’me u atlehe ’me u hahe ntlo ea Jehova Molimo oa hao, feela joalokaha a buile malebana le uena. 12 Feela e se eka Jehova a ka u fa masene le kutloisiso,+ ’me e se eka a ka u fa taelo malebana le Iseraele le hore u boloke molao oa Jehova Molimo oa hao.+ 13 Tabeng eo u tla atleha+ haeba u ela hloko ho phetha melao ea tsamaiso+ le liqeto tsa boahloli+ tseo Jehova a li laetseng+ Moshe malebana le Iseraele. E-ba sebete ’me u be matla.+ U se ke ua tšoha+ kapa ua haroha letsoalo.+ 14 Bona! nakong ea mahloreho+ a ka ke lokiselitse ntlo ea Jehova litalenta tsa khauta tse likete tse lekholo le litalenta tsa silevera tse milione, ’me koporo le tšepe ha ho mokhoa oa ho li lekanya hobane li ngata haholo; ke lokisitse le lifate le majoe, empa u tla li eketsa. 15 U na le basebetsi ba bangata, babetli ba majoe le ba sebetsang ka majoe+ le lehong le e mong le e mong ea nang le tsebo ea mosebetsi oa mofuta o mong le o mong.+ 16 Khauta, silevera le koporo le tšepe ha ho mokhoa oa ho li bala. Ema u nke bohato,+ ’me e se eka Jehova a ka ba le uena.”
17 Davida a tsoela pele ho laela likhosana tsohle tsa Iseraele hore li thuse mora oa hae Solomone: 18 “Na Jehova Molimo oa lōna ha a na le lōna,+ ’me na ha aa le fa phomolo ka hohle?+ Etsoe o nehelane ka baahi ba naha letsohong la ka, ’me naha e hlōtsoe ka pel’a Jehova+ le ka pel’a sechaba sa hae. 19 Joale behang lipelo tsa lōna le meea+ ea lōna hore le botse Jehova Molimo oa lōna,+ ’me le eme le hahe sehalalelo sa Jehova Molimo+ oa ’nete, hore le tlise areka+ ea selekane sa Jehova le lisebelisoa tse halalelang tsa Molimo oa ’nete ntlong e hahetsoeng lebitso+ la Jehova.”