1 Dikronike
23 Davida o ne a tsofetse+ ebile a khotsofetse ke matsatsi, kahoo a etsa mora oa hae Solomone+ morena oa Iseraele. 2 A bokella likhosana tsohle tsa Iseraele le baprista+ le Balevi.+ 3 Ka lebaka leo Balevi ba baloa ho tloha ka ba lilemo li mashome a mararo ho ea holimo;+ palo ea bona, hlooho ka ’ngoe, monna ka mong ea shahlileng, ea e-ba likete tse mashome a mararo a metso e robeli. 4 Ho bana ba sebeletsang e le batsamaisi mosebetsing oa ntlo ea Jehova ho ne ho e-na le ba likete tse mashome a mabeli a metso e mene; bao e leng balaoli le baahloli+ ba le likete tse tšeletseng; 5 le balebeli ba liheke ba likete tse ’nè le ba likete tse ’nè ba fanang ka thoriso ho Jehova ka liletsa+ tseo ka tsona Davida a neng a itse “ke li etselitse ho fana ka thoriso.”
6 Joale Davida a ba abela bara ba Levi,+ Gershone, Kohathe le Merari ka lihlopha. 7 A abela Bagershone, Ladane le Shimei. 8 Bara ba Ladane e ne e le Jehiele monna ea ka sehloohong le Zethame le Joele, ba le bararo. 9 Bara ba Shimei e ne e le Shelomothe le Haziele le Harane, ba le bararo. Bana e ne e le lihlooho tsa bo-ntate bakeng sa Ladane. 10 Bara ba Shimei e ne e le Jahathe, Zina le Jeushe le Beria. Bana ba bane e ne e le bara ba Shimei. 11 Jahathe ea e-ba hlooho, ’me Ziza ea e-ba oa bobeli. Ha e le Jeushe le Beria, ba ne ba se na bara ba bangata; kahoo ba fetoha lelapa la habo ntate bakeng sa sehlopha se le seng sa bolaoli.
12 Bara ba Kohathe+ e ne e le Amrame, Izehare,+ Hebrone+ le Uziele, ba le bane. 13 Bara ba Amrame e ne e le Arone+ le Moshe.+ Empa Arone o ile a khethoa+ e le hore a ka halaletsa Sehalalelisiso,+ eena le bara ba hae ho isa nakong e sa lekanyetsoang, ho etsa mosi oa sehlabelo+ ka pel’a Jehova, ho mo sebeletsa+ le ho phatlalatsa tlhohonolofatso+ ka lebitso la hae ho isa nakong e sa lekanyetsoang. 14 Ha e le Moshe monna oa Molimo+ oa ’nete, bara ba hae ba ile ba tsoela pele ho bitsoa har’a moloko oa Balevi. 15 Bara ba Moshe e ne e le Gershome+ le Eliezere.+ 16 Bara ba Gershome e ne e le Shebuele hlooho. 17 Bara ba Eliezere ea e-ba Rehabia hlooho; Eliezere ha aa ka a ba le bara ba bang, empa bara ba Rehabia ba ile ba ngatafala ka mokhoa o fetisisang. 18 Bara ba Izehare+ e ne e le Shelomithe monna ea ka sehloohong. 19 Bara ba Hebrone e ne e le Jeria hlooho, oa bobeli e le Amaria, oa boraro e le Jahaziele ’me oa bone e le Jekameame. 20 Bara ba Uziele+ e ne e le Mikea hlooho ’me oa bobeli e le Ishia.
21 Bara ba Merari+ e ne e le Maheli le Mushi.+ Bara ba Maheli e ne e le Eleazare le Kishe. 22 Empa Eleazare a shoa; o ne a bile le barali, eseng bara. Kahoo bara ba Kishe, likhaitseli tsa bona, ba ba nka hore e be basali ba bona.+ 23 Bara ba Mushi e ne e le Maheli le Edere le Jeremothe, ba le bararo.
24 Bana e ne e le bara ba Levi ka matlo a bo-ntat’a bona,+ lihlooho tsa bo-ntate, ho ea ka ba bona ba behiloeng, ka palo ea mabitso, hlooho ka ’ngoe ea bona, ba etsang mosebetsi bakeng sa tšebeletso ea ntlo ea Jehova, ho tloha ka ba lilemo li mashome a mabeli ho ea holimo. 25 Etsoe Davida o ne a itse: “Jehova Molimo oa Iseraele o file batho ba hae phomolo,+ ’me o tla lula Jerusalema ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+ 26 Hape Balevi ba ke ke ba jara tabernakele kapa lisebelisoa leha e le life tsa eona bakeng sa tšebeletso ea eona.”+ 27 Etsoe ka mantsoe+ a ho qetela a Davida ena e ne e le palo ea bara ba Levi ho tloha ka ba lilemo li mashome a mabeli ho ea holimo. 28 Etsoe mosebetsi oa bona o ne o le taolong ea bara ba Arone+ bakeng sa tšebeletso ea ntlo ea Jehova mabaleng+ le likamoreng tsa ho jela le tlhoekisong ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe e halalelang+ le mosebetsi oa tšebeletso ea ntlo ea Molimo oa ’nete, 29 esita le bakeng sa bohobe bo kolohantsoeng+ le bakeng sa phofo e thumisehileng bakeng sa nyehelo ea lijo-thollo le bakeng sa liphaphatha+ tsa bohobe+ bo sa lomosoang le bakeng sa bohobe bo apehoang ka pane+ le bakeng sa hlama e lubiloeng+ le bakeng sa litekanyo tsohle tsa bongata le boholo;+ 30 le bakeng sa ho ema hoseng+ ho hong le ho hong hore ba lebohe+ le ho rorisa+ Jehova, ka ho tšoanang le ka shoalane; 31 le bakeng sa ho nyehela mahlabelo a mang le a mang a secheso ho Jehova ka lisabatha,+ ha likhoeli+ li thoasa le ka linako tsa mekete,+ ka palo ho ea ka molao o malebana le tsona, kamehla ka pel’a Jehova. 32 Ba ne ba hlokomela+ ho lebeloa ha tente ea pokano le ho lebeloa ha sebaka se halalelang le ho lebeloa ha bara ba Arone barab’abo bona bakeng sa tšebeletso ea ntlo ea Jehova.+