2 Dikronike
9 Mofumahali oa Sheba+ a utloa tlaleho ka Solomone, eaba o tla Jerusalema ho tla leka Solomone ka lipotso tse qakang,+ a e-na le mokoloko o tsotehang haholo le likamele+ tse jereng oli ea balsame,+ le khauta+ e ngata haholo, le majoe a bohlokoa.+ Qetellong a kena ho Solomone ’me a bua le eena ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ka pelong ea hae.+ 2 Solomone, le eena, a tsoela pele ho mo bolella litaba tsohle tsa hae,+ ’me ha ho taba e neng e patehile ho Solomone eo a sa kang a mo bolella eona.+
3 Ha mofumahali oa Sheba a bona bohlale+ ba Solomone le ntlo eo a neng a e hahile,+ 4 le lijo tsa tafole+ ea hae le ho lula ha bahlanka ba hae le tšebeletso ea tafole ea basebeletsi ba hae le liaparo+ tsa bona le baqhatsetsi+ ba hae le liaparo tsa bona, le mahlabelo a hae a secheso+ ao a neng a a nyehela kamehla ntlong ea Jehova, joale a khathala matla. 5 Kahoo a re ho morena: “Lentsoe leo ke le utloileng naheng ea heso ka litaba tsa hao le ka bohlale ba hao ke ’nete.+ 6 Ha kea ka ka beha tumelo+ mantsoeng a bona ho fihlela ke tlile e le hore mahlo a ka a ka bona;+ bona! ha kea bolelloa le halofo ea bohlale ba hao bo bongata.+ U fetisitse tlaleho eo ke e utloileng.+ 7 Ho thaba batho ba hao, ’me ho thaba bahlanka bana ba hao ba emeng ka pel’a hao kamehla ’me ba mametse bohlale ba hao.+ 8 Ho bokoe+ Jehova Molimo oa hao, ea khahliloeng+ ke uena ka ho u beha teroneng ea hae u le morena bakeng sa Jehova Molimo+ oa hao; hobane Molimo oa hao o ratile+ Baiseraele, ho etsa hore ba eme ho isa nakong e sa lekanyetsoang, hoo a ileng a u beha hore u be morena+ oa bona hore u phethise qeto ea boahloli+ le ho loka.”+
9 Joale a fa morena litalenta tsa khauta+ tse lekholo le mashome a mabeli, le oli ea balsame+ e ngata haholo, le majoe a bohlokoa; ho ne ho e-s’o ka ho e-ba le oli ea balsame e joaloka eo mofumahali oa Sheba a ileng a e fa Morena Solomone.+
10 Ntle ho moo, bahlanka ba Hirame+ le bahlanka ba Solomone ba neng ba tlisitse khauta+ e tsoang Ofire ba tlisa lifate+ tsa algame le majoe a bohlokoa. 11 Morena a etsa litepisi+ bakeng sa ntlo ea Jehova le bakeng sa ntlo+ ea morena ka lifate tsa algame le liharepa+ le liletsa tse likhoele+ bakeng sa libini, ’me ho ne ho se mohla ho kileng ha bonoa tse tšoanang le tsona naheng ea Juda.
12 Morena Solomone a fa mofumahali+ oa Sheba sohle seo a se thabelang seo a neng a se kōpile, kantle le se lekanang le seo a neng a se tlisitse ho morena. Kahoo a reteleha eaba o ea naheng ea habo, eena hammoho le bahlanka ba hae.+
13 Boima ba khauta e neng e tla ho Solomone ka selemo ea e-ba litalenta tsa khauta tse makholo a tšeletseng le mashome a tšeletseng a metso e tšeletseng,+ 14 kantle le e neng e tsoa ho banna ba tsamaeang le bahoebi+ ba neng ba e tlisa le marena ’ohle a Maarabia+ le babusisi ba naha ba neng ba tlisa khauta le silevera ho Solomone.
15 Morena Solomone a tsoela pele ho etsa lithebe tse khōlō tse makholo a mabeli tsa khauta e tsoakiloeng (a koahela thebe ka ’ngoe e khōlō ka [lishekele] tsa khauta e tsoakiloeng tse makholo a tšeletseng),+ 16 le lithebe tse nyenyane tse makholo a mararo tsa khauta e tsoakiloeng (a koahela thebe ka ’ngoe e nyenyane ka limina tse tharo tsa khauta).+ Joale morena a li kenya ka Tlung ea Moru oa Lebanone.+
17 Ho ekelletsa moo, morena a etsa terone e khōlō ea manaka a tlou ’me a e koahela ka khauta e hloekileng.+ 18 Ho ne ho e-na le litepisi tse tšeletseng tse eang teroneng, ’me ho ne ho e-na le setuloana sa maoto sa khauta se eang teroneng (li ne li hokahantsoe), ho ne ho e-na le libaka tsa ho tšetleha matsoho ka lehlakoreng lena le ka lehlakoreng lane sebakeng sa ho lula, ’me litau+ tse peli li ne li eme ka thōko ho libaka tsa ho tšetleha matsoho.+ 19 Ho ne ho e-na le litau+ tse leshome le metso e ’meli tse emeng moo holim ’a litepisi tse tšeletseng ka lehlakoreng lena le ka lehlakoreng lane. Ho ne ho se na ’muso o nang le e entsoeng joaloka eona.+ 20 Lijana+ tsohle tsa ho noela tsa Morena Solomone e ne e le tsa khauta,+ ’me lijana tsohle tsa Ntlo ea Moru oa Lebanone+ e ne e le tsa khauta e hloekileng. Ho ne ho se na letho la silevera; matsatsing a Solomone e ne e nkoa e se letho ho hang.+ 21 Etsoe likepe tsa morena li ne li ea Tarshishe+ le bahlanka ba Hirame.+ Hang ka lilemo tse ling le tse ling tse tharo likepe tsa Tarshishe li ne li kena, li nkile khauta le silevera,+ manaka a tlou,+ le litšoene+ le lipikoko.
22 Kahoo Morena Solomone o ne a e-na le maruo+ a mangata ’me a le bohlale+ ho feta marena a mang ’ohle a lefatše. 23 Marena ’ohle a lefatše a ne a batla+ sefahleho sa Solomone hore a utloe bohlale+ ba hae, boo Molimo oa ’nete a neng a bo kentse pelong ea hae.+ 24 E mong le e mong o ne a tlisa mpho+ ea hae, lintho tsa silevera le lintho tsa khauta+ le liaparo,+ lihlomo le oli ea balsame, lipere le limmoulo e le taba e tloaelehileng ea selemo le selemo.+ 25 Solomone a ba le litala tsa lipere+ tse likete tse ’nè le likoloi+ le lipere tsa ntoa tse likete tse leshome le metso e ’meli, ’me a ’na a li beha metseng+ ea likoloi haufi le morena Jerusalema. 26 E ile ea e-ba ’musi oa marena ’ohle ho tloha Nōkeng ho ea fihla naheng ea Bafilista le ho ea fihla moeling oa Egepeta.+ 27 Ho feta moo, morena a etsa hore silevera e Jerusalema e be joaloka majoe; a etsa hore lehong la kedare le be lengata+ joaloka lifate tsa sikamora tse Shefela. 28 Ho ne ho e-na le ba tlisang lipere+ ho Solomone li tsoa Egepeta+ le linaheng tse ling tsohle.
29 Ha e le litaba tse ling kaofela tsa Solomone,+ tsa pele le tsa ho qetela, na ha lia ngoloa har’a mantsoe a moprofeta Nathane+ le boprofeteng ba Akija+ Moshilo+ le tlalehong ea lipono tsa Ido ea bonang lipono malebana le Jeroboame mora oa Nebate?+ 30 Solomone a tsoela pele ho busa Baiseraele bohle a le Jerusalema ka lilemo tse mashome a mane. 31 Qetellong Solomone a robala le baholo-holo ba hae. Kahoo ba mo pata Motseng oa ntat’ae Davida;+ mora oa hae Roboame+ a qala ho busa sebakeng sa hae.+