Esdrase
8 Joale bana e ne e le lihlooho tsa malapa a habo ntat’a bona le ba ngolisitsoeng ka meloko ba ileng ba nyoloha le ’na nakong ea puso ea Artaxerxese morena oa Babylona: 2 Ho bara ba Finease, e le Gershome; ho bara ba Ithamare,+ e le Daniele;+ ho bara ba Davida, e le Hatushe; 3 ho bara ba Shekania, ho bara ba Paroshe,+ e le Zakaria, ’me o ne a e-na le ba ngolisitsoeng ba batona ba lekholo le mashome a mahlano; 4 ho bara ba Pahathe-moabe,+ e le Elieho-enai mora oa Zerahia, ’me o ne a e-na le ba batona ba makholo a mabeli; 5 ho bara ba Zatu, e le Shekania mora oa Jahaziele, ’me o ne a e-na le ba batona ba makholo a mararo; 6 ho bara ba Adine,+ e le Ebede mora oa Jonathane, ’me o ne a e-na le ba batona ba mashome a mahlano; 7 ho bara ba Elame, e le Jeshaia mora oa Athalia, ’me o ne a e-na le ba batona ba mashome a supileng; 8 ho bara ba Shefatia,+ e le Zebadia mora oa Mikaele, ’me o ne a e-na le ba batona ba mashome a robeli; 9 ho bara ba Joabe, e le Obadia mora oa Jehiele, ’me o ne a e-na le ba batona ba makholo a mabeli le leshome le metso e robeli; 10 ho bara ba Bani,+ e le Shelomithe mora oa Josifia, ’me o ne a e-na le ba batona ba lekholo le mashome a tšeletseng; 11 ho bara ba Bebai, e le Zakaria mora oa Bebai, ’me o ne a e-na le ba batona ba mashome a mabeli a metso e robeli; 12 ho bara ba Azgade,+ e le Johanane mora oa Hakatane, ’me o ne a e-na le ba batona ba lekholo le leshome; 13 ho bara ba Adonikame,+ bao e neng e le ba ho qetela, ’me ana ke mabitso a bona: Elifelete, Jeiele le Shemaia, ’me ba ne ba e-na le ba batona ba mashome a tšeletseng; 14 ho bara ba Bigvai, e le Uthai le Zabbude, ’me ba ne ba e-na le ba batona ba mashome a supileng.
15 Ka ba bokella nōkeng+ e tlang Ahava; ra lula re hlomme liahelo moo ka matsatsi a mararo, e le hore nka hlahloba batho le baprista, empa ha ho le ea mong ho bara ba Levi+ eo ke ileng ka mo fumana moo. 16 Ka lebaka leo ka romeletsa hore ho bitsoe Eliezere, Ariele, Shemaia le Elnathane le Jaribe le Elnathane le Nathane le Zakaria le Meshulame, ba ka sehloohong, le hore ho bitsoe Jojaribe le Elnathane, barupeli. 17 Joale ka ba fa taelo malebana le Ido e leng ea ka sehloohong sebakeng sa Kasifia, ’me ka kenya melomong ea bona mantsoe+ ao ba lokelang ho a bolella Ido le barab’abo bao e leng Banethinime sebakeng sa Kasifia, ho re tlisetsa basebeletsi+ bakeng sa ntlo ea Molimo oa rōna. 18 Kahoo ba tlisa ho rōna, ho ea ka letsoho le molemo la Molimo oa rōna le leng holim ’a rōna, monna ea masene+ ho tsoa ho bara ba Maheli+ setloholo sa Levi mora oa Iseraele, e leng, Sherebia le bara ba hae le barab’abo, ba le leshome le metso e robeli; 19 le Hashabia ’me o ne a e-na le Jeshaia ho tsoa ho bara ba Merari, barab’abo, le bara ba bona, ba le mashome a mabeli. 20 Ho tsoa ho Banethinime, bao Davida le likhosana ba neng ba fane ka bona tšebeletsong ea Balevi, e le Banethinime ba makholo a mabeli le mashome a mabeli, bao kaofela ha bona ba neng ba khethiloe ka mabitso a bona.
21 Joale ka phatlalatsa hore ho itingoe lijo moo nōkeng ea Ahava, hore re ikokobetse+ ka pel’a Molimo oa rōna, ho mo botsa tsela e nepahetseng+ bakeng sa rōna le bakeng sa bana ba rōna ba banyenyane+ le bakeng sa thepa eohle ea rōna. 22 Etsoe ke ile ka ikutloa ke hlajoa ke lihlong ho kōpa lebotho la sesole+ le banna ba lipere+ ho morena ho re thusa khahlanong le sera tseleng, hobane re ne re itse ho morena: “Letsoho la Molimo oa rōna le holim ’a bohle ba mo batlang ka lebaka la se molemo, empa matla a hae le bohale ba hae+ li khahlanong le bohle ba mo furallang.”+ 23 Ka hona ra itima lijo+ le ho etsa kōpo+ ho Molimo oa rōna malebana le sena, hoo a ileng a itumella hore re mo kōpe ka tieo.+
24 Joale ka arola ba leshome le metso e ’meli ho baokameli ba baprista, e leng, Sherebia, Hashabia,+ ’me ba ne ba e-na le barab’abo bona ba leshome. 25 Ka ba bekhela silevera le khauta le lisebelisoa, monehelo ntlong ea Molimo oa rōna oo morena le baeletsi ba hae le likhosana tsa hae le Baiseraele bohle ba neng ba ka fumanoa ba neng ba o nehetse. 26 Kahoo ka bekha matsohong a bona litalenta tse makholo a tšeletseng le mashome a mahlano tsa silevera+ le lisebelisoa tsa silevera tse lekholo tse ka rekoang ka litalenta tse peli, le litalenta tse lekholo tsa khauta, 27 le likotlolo tse nyenyane tsa khauta tse mashome a mabeli tse ka rekoang ka lidarike tse sekete le lisebelisoa tse peli tsa koporo e ntle, e bofubelu bo benyang, e lakatsehang joaloka khauta.
28 Joale ka re ho bona: “Lōna le ntho e halalelang+ ho Jehova, le lisebelisoa+ ke ntho e halalelang, le silevera le khauta ke nyehelo ea boithaopo ho Jehova Molimo oa baholo-holo ba lōna. 29 Lulang le falimehile ’me le itebele ho fihlela le li bekha ka pel’a baokameli ba baprista le Balevi le likhosana tsa bo-ntate ba Iseraele Jerusalema, ka liholong tsa ho jela tsa ntlo ea Jehova.” 30 Baprista le Balevi ba amohela boima ba silevera le khauta le lisebelisoa, ho li tlisa Jerusalema ntlong ea Molimo oa rōna.+
31 Qetellong ra tloha nōkeng ea Ahava ka letsatsi la leshome le metso e ’meli la khoeli ea pele+ ho ea Jerusalema, ’me letsoho la Molimo oa rōna la e-ba holim ’a rōna, hoo a ileng a re lopolla+ seatleng sa sera le ho ba laletseng tseleng. 32 Kahoo ra fihla Jerusalema ’me ra lula moo ka matsatsi a mararo. 33 Ka letsatsi la bone ra bekha silevera le khauta le lisebelisoa ka tlung ea Molimo oa rōna letsohong la Meremothe+ mora oa moprista Uria ’me a e-na le Eleazare mora oa Finease ’me ba e-na le Jozabade+ mora oa Jeshua le Noadia mora oa Binui,+ Balevi, 34 ka palo le ka boima bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ka mor’a moo boima bohle ba ngoloa fatše nakong eo. 35 Ba tsoang kholehong, ba kileng ba isoa kholehong,+ ba hlahisetsa Molimo oa Iseraele mahlabelo a secheso,+ lipoho+ tse leshome le metso e ’meli bakeng sa Baiseraele bohle, lipheleu+ tse mashome a robong a metso e tšeletseng, likonyana tse tona tse mashome a supileng a metso e supileng, liphooko+ tse leshome le metso e ’meli e le nyehelo ea sebe, ntho e ’ngoe le e ’ngoe e le nyehelo ea secheso ho Jehova.
36 Joale ra fana ka melao ea morena ho babusisi ba liprofinse+ ba morena le babusisi+ ba ka nģ’ane ho Nōka,+ eaba ba thusa batho le ntlo ea Molimo oa ’nete.