Esdrase
9 Hang ha lintho tsena li phethiloe, likhosana tsa nkatamela, tsa re: “Batho ba Iseraele le baprista le Balevi ha baa ikarola+ ho lichaba tsa linaha tsena mabapi le lintho tsa tsona tse manyala,+ e leng, Bakanana,+ Bahethe,+ Bapereze,+ Bajebuse,+ Baammone,+ Bamoabe,+ Baegepeta+ le Baamore.+ 2 Etsoe ba amohetse ba bang ba barali ba bona bakeng sa bona le bakeng sa bara ba bona;+ bona, peō e halalelang,+ ba tsoakane+ le lichaba tsa linaha tsena, ’me matsoho a likhosana le batlatsi ba babusisi a bile ka pele-pele+ ho se tšepahaleng hona.”
3 Joale hang ha ke utloa ntho ena ka hahola seaparo+ sa ka le seaparo sa ka se se nang matsoho, eaba ke qala ho hlotha moriri o mong oa hlooho+ ea ka le litelu, ’me ka ’na ka lula ke tsielehile.+ 4 Hape ba phuthehela ho ’na, e mong le e mong a thothomela ka lebaka la mantsoe a Molimo oa Iseraele khahlanong le ho se tšepahale ha batho ba isitsoeng kholehong, ha ke ntse ke lutse ke tsielehile ho fihlela ka nyehelo ea lijo-thollo ea shoalane.+
5 Nyehelong ea lijo-thollo+ ea shoalane ka ema ho kokobetsoeng ha ka, ka seaparo sa ka le seaparo sa ka se se nang matsoho se tabohileng, eaba ke khumama ka mangole+ ’me ke otlollela liatla ho Jehova Molimo oa ka.+ 6 Ka tsoela pele ho re:+ “Molimo oa ka, ke ikutloa ke hlajoa ke lihlong+ ’me ke soabile+ ho phahamisetsa sefahleho sa ka ho uena, Molimo oa ka, etsoe liphoso tsa rōna+ li atile holim ’a lihlooho tsa rōna ’me molato oa rōna o bile moholo esita le ho ea fihla maholimong.+ 7 Ho tloha matsatsing a baholo-holo ba rōna+ re ’nile ra ba molatong o moholo ho fihlela letsatsing lena; ka lebaka la liphoso tsa rōna, rōna, marena a rōna,+ baprista ba rōna,+ ho nehelanoe ka rōna matsohong a marena a linaha ka sabole,+ ka kholeho+ le ka se tlatlapuoeng+ le ka lifahleho tse hlabiloeng ke lihlong,+ feela joaloka letsatsing lena. 8 Hona joale ka motsotsoana molemo+ o tsoang ho Jehova Molimo oa rōna o tlile ka ho re siela ba phonyohang+ le ka ho re fa thakhisa sebakeng sa hae se halalelang, ho khantša mahlo a rōna,+ Molimo oa rōna, le ho re hlasimolla hanyenyane bohlankeng ba rōna.+ 9 Etsoe re bahlanka;+ Molimo oa rōna ha aa re tlohela bohlankeng ba rōna,+ empa o bontša mosa o lerato ho rōna ka pel’a marena a Persia, ho re hlasimolla e le hore re ka phahamisa ntlo ea Molimo oa rōna le ho tsosolosa libaka tsa eona tse lesupi le ho re fa lerako la majoe+ Juda le Jerusalema.
10 “Molimo oa rōna, joale re tla re’ng ka mor’a see? Etsoe re tlohetse litaelo tsa hao,+ 11 tseo u li laetseng ka bahlanka ba hao baprofeta, ua re, ‘Naha eo le kenang ho eona ho e rua ke naha e litšila ka lebaka la litšila tsa lichaba tsa linaha tsena,+ ka lebaka la lintho tsa tsona tse manyala+ tseo li e tlatsitseng ka tsona ho tloha pheletsong e ’ngoe ho ea pheletsong e ’ngoe+ ka ho se hloeke ha tsona.+ 12 Joale le se ke la fa bara ba tsona barali ba lōna,+ kapa la amohela barali ba tsona bakeng sa bara ba lōna; ho isa nakong e sa lekanyetsoang le se ke la sebeletsa khotso ea tsona+ le katleho ea tsona, e le hore le ka ba matla+ ’me ka sebele la ja karolo e ntle ea naha ’me ruri la e ruela bara ba lōna ho isa nakong e sa lekanyetsoang.’+ 13 Ka mor’a sohle se re hlahetseng ka lebaka la liketso tsa rōna tse mpe+ molato oa rōna o moholo—etsoe, Molimo oa rōna, u nyenyefalitse liphoso tsa rōna,+ ’me u re file ba phonyohileng joaloka bana+— 14 na re tla qala ho tlōla litaelo tsa hao hape le ho etsa lilekane tsa lenyalo+ le lichaba tse etsang lintho tsee tse manyala? Na u ke ke ua re tukela ka bohale ho fihlela moo mamello ea hao e fellang teng+ hoo ho ke keng ha e-ba le ea mong ea salang+ le ea mong ea phonyohang? 15 Jehova Molimo oa Iseraele, u lokile,+ hobane re siiloe re le batho ba phonyohileng joaloka letsatsing lena. Ke rōna bana ka pel’a hao re le molato, etsoe ha ho bonolo ho ema ka pel’a hao ka lebaka la sena.”+