Jobo
15 Elifaze Motemane a araba a re:
2 “Na motho ea bohlale a ka araba ka tsebo ea lefeela,+
Kapa o tla tlatsa mpa ea hae ka moea oa bochabela?+
3 Ho khalemela feela ka lentsoe e tla ba ho se nang thuso,
Lipolelo e tla ba tse se nang molemo.
4 Leha ho le joalo, u etsa hore ho tšaba Molimo ho se ke ha e-ba le matla,
U nyenyefatsa ho nahanisisa leha e le hofe ka Molimo.
5 Etsoe phoso ea hao e koetlisa molomo oa hao,
U khetha leleme la batho ba masene.
7 Na ke uena motho oa pele ea tsoetsoeng,+
Kapa u ile ua belehoa ka bohloko ba pelehi pele ho maralla?+
11 Na matšeliso a Molimo ha aa lekana ho uena,
Kapa lentsoe le builoeng ka bonolo ho uena?
12 Ke hobane’ng ha u nkoa ke pelo,
Ke hobane’ng ha mahlo a hao a benya?
13 Etsoe u fetola moea oa hao khahlanong le Molimo,
U ntšitse mantsoe molomong oa hao.
14 Motho ea shoang ke eng hore e ka ba ea hloekileng,+
Kapa hore mang kapa mang ea tsoetsoeng ke mosali e be ea nepileng?
16 Ho joalo hakaakang ha motho e le ea manyala le ea bolileng,+
Motho ea noang ho se loke feela joaloka metsi!
17 Ke tla u bolella. ’Mamele!+
Esita le sena ke se bone, kahoo e-re ke se phete,
18 Seo ba bohlale+ ba se bolelang
Le seo ba sa kang ba se pata, kaha se tsoa ho bo-ntat’a bona.
19 Naha e ile ea fuoa bona feela,
Ha ho osele ea ileng a feta har’a bona.
20 Ea khopo o hlokofatsoa ka matsatsi ’ohle a hae,
Esita le palo ea lilemo tse boloketsoeng mohatelli.
21 Molumo oa lintho tse tšabehang o litsebeng tsa hae;
Motlatlapi o mo oela holimo nakong ea khotso.+
23 O hlahlathela a ntse a batla bohobe—bo hokae?+
O tseba hantle hore letsatsi la lefifi+ le itokisitse letsohong la hae.
24 Mahlomola le bohloko bo boholo li ntse li mo tšosa;
Li mo hlōla ka matla joaloka morena ea itokiselitseng tlhaselo.
25 Kahobane o otlolla letsoho la hae khahlanong le Molimo,
O leka ho iponahatsa a phahametse+ Ea Matla ’Ohle;
26 Kahobane o matha khahlanong le eena ka molala o sataletseng,
Ka mepopotlo e meholo ea lithebe tsa hae;
27 Kahobane o koahela sefahleho sa hae ka monono oa hae
O beha mafura lethekeng+ la hae,
28 O lula feela metseng e tla felisoa;
Matlong ao batho ba ke keng ba tsoela pele ba lula ka ho ’ona,
Ao ka sebele a reretsoeng ho ba qubu ea majoe.
29 A ke ke a rua ’me leruo la hae le ke ke la eketseha,
Kapa hona hore a hasanye seo ba se fumaneng lefatšeng.+
30 A ke ke a furalla lefifi;
Lelakabe le tla omeletsa lekala la hae,
O tla khelosoa ke pululo ea molomo+ oa Hae.
31 A se ke a beha tumelo ho se se nang thuso, a khelosoa,
Etsoe o tla fumana se se nang thuso e le phapanyetsano;
32 Ho tla phethahala pele ho letsatsi la hae.
Ka sebele letlōbō la hae le ke ke la hōla haholo.+
33 O tla hlohlora morara oa hae o sa butsoang feela joaloka sefate sa morara,
A lahle lithunthung tsa hae feela joaloka sefate sa mohloaare.