Jobo
16 Jobo a araba a re:
2 “Ke utloile lintho tse ngata tse joaloka tsena.
Kaofela ha lōna le batšelisi ba likhathatso!+
4 Le ’na ke ne nka bua joaloka lōna.
Hoja meea ea lōna e ne e le moo moea oa ka o leng teng,
Na ke ne ke tla ba bohlale ka mantsoe khahlanong le lōna,+
Na ke ne ke tla le sisinyetsa hlooho?+
5 Ke ne ke tla le matlafatsa ka mantsoe a molomo+ oa ka,
Matšeliso a molomo oa ka a ne a tla fokotsa—.
6 Haeba ke bua, bohloko ba ka ha bo fokotsehe,+
Haeba ke khaotsa ho etsa joalo, ke eng se tlohang ho ’na?
8 Le boetse lea ntšoara. Ho fetohile bopaki,+
Hoo ho ota ha ka ho ntsohelang matla. Ho paka ka pel’a sefahleho sa ka.
9 Bohale ba hae bo nthusolotse, ’me o nkoetlela lehloeo.+
Ha e le hantle o ntsikitlanyetsa meno.+
Mohanyetsi oa ka o leotsa mahlo a hae khahlanong le ’na.+
10 Ba nkahlamiselitse melomo,+
Ba ntjabetse marameng ka nyeliso,
Ba ikhobokanya ka bongata khahlanong le ’na.+
12 Ke ne ke lutse ka boiketlo, empa a ntšisinya;+
A ntšoara ka sekotlo ’me a nthobokella,
O nkemisa ke le seo a se korotseng.
13 Batho ba hae ba fulang metsu+ baa mpota-pota;
O petsola liphio+ tsa ka ’me ha a be le qenehelo;
O qhalla mokotlana oa ka oa nyooko fatše.
14 O ntse a mphunya masoba-soba;
O mathela ho ’na joaloka ea matla.
16 Sefahleho sa ka se fubetse ke ho lla,+
Ho na le moriti o lefifi lintšing tsa ka,
17 Le hoja ho se na pefo liatleng tsa ka,
Thapelo ea ka e hloekile.
20 Metsoalle ea ka ke babuelli ba buang khahlanong le ’na;+
Leihlo la ka le talimile ho Molimo le sa robale.+