Esaia
31 Ho malimabe ba theohelang Egepeta ho batla thuso,+ ba itšetlehang ka lipere,+ le ba tšepang likoloi tsa ntoa,+ kahobane li le ngata, le lipere tsa ntoa, kahobane li le matla haholo, empa ba sa talima ho Mohalaleli oa Iseraele ’me ba sa batla Jehova.+ 2 O boetse o bohlale ’me o tla tlisa tlokotsi,+ ’me ha aa hula mantsoe a hae;+ ka sebele o tla tsohela ntlo ea baetsi ba bobe matla+ le thuso e etsoang ke ba tloaetseng ho etsa se kotsi.+
3 Leha ho le joalo, Baegepeta ke batho ba lefatše,+ hase Molimo; le lipere tsa bona ke nama,+ hase moea. Jehova o tla otlolla letsoho la hae, ’me ea fanang ka thuso o tla khoptjoa, le ea thusoang o tla oa,+ ’me ka nako e tšoanang kaofela ha bona ba tla fela.
4 Etsoe sena ke seo Jehova a mpoleletseng sona: “Feela joalokaha tau e rora, hammoho le taoana e moetse,+ ka lebaka la phofu ea eona, ha e bitselitsoe palo e feletseng ea balisa, ’me ho sa tsotellehe mantsoe a bona e sa tšohe ’me ho sa tsotellehe moferefere oa bona e sa iname; ka tsela e tšoanang Jehova oa mabotho o tla theoha ho tla loanela Thaba ea Sione le leralla la eona.+ 5 Joaloka linonyana tse fofang, ka tsela e tšoanang Jehova oa mabotho o tla sireletsa Jerusalema.+ A e sireletsa, ka sebele o tla boela a e lopolle.+ A e qenehela, o tla boela a e etse hore e phonyohe.”
6 “Khutlelang+ ho Eo bara ba Iseraele ba mo fetohetseng ka ho tebileng.+ 7 Etsoe ka letsatsi leo e mong le e mong o tla lahla melimo ea hae ea silevera e se nang thuso le melimo ea hae ea khauta e se nang thuso,+ eo matsoho a lōna a le etselitseng eona e le sebe.+ 8 Moassyria o tla lihuoa ka sabole, eseng ea motho; sabole, eseng ea motho oa lefatše, e tla mo timetsa.+ O tla baleha ka lebaka la sabole, ’me bahlankana ba hae ba tla etsa mosebetsi o qobelloang. 9 Lefika la hae le tla feta ka lebaka la tšabo e fetisisang, ’me likhosana tsa hae li tšohe ka lebaka la pontšo,”+ ho bolela Jehova, eo khanya ea hae e leng Sione le eo sebōpi+ sa hae se leng Jerusalema.