Esaia
31 Ho madimabe ba theohelang Egepeta ho batla thuso,+
Ba tshepang dipere,+
Ba tshepang dikariki tsa ntwa hobane di le ngata
Le dipere tsa ntwa* hobane di le matla
Empa ba sa tshepe Mohalaledi wa Iseraele
Ba bile ba sa batle thuso ya Jehova.
2 Le ha ho le jwalo, o bohlale mme o tla tlisa tlokotsi,
A ke ke a hula mantswe a hae.
O tla nkela baetsi ba bobe kgato
Le ba thusang baetsi ba bobe.+
Ha Jehova a otlolla letsoho la hae,
Mang kapa mang ya fanang ka thuso o tla kgoptjwa
Le ya thuswang o tla wa.
Kaofela ba tla fediswa ka nako e le nngwe.
4 Jehova o itse ho nna:
“Feela jwalo ka ha tau e nyenyane e matla* e rorela phofu ya yona
Ha e bitseditswe sehlopha sa badisa,
E sa tshoswe ke mantswe a bona
Kapa e sa tsitsipanngwe ke moferefere wa bona,
Ka tsela e tshwanang, Jehova wa mabotho o tla theoha ho tla lwanela
Thaba ya Sione le leralla la yona.
5 Jwalo ka dinonyana tse fofang ka lebelo, Jehova wa mabotho o tla potlakela ho sireletsa Jerusalema.+
O tla mo sireletsa mme a mo pholose,
A mo qenehele mme a mo pholose.”
6 “Kgutlelang ho Eo le mo fetohetseng haholo, lona setjhaba sa Iseraele.+ 7 Letsatsing leo, e mong le e mong o tla lahla medimo ya hae e se nang thuso ya silevera le kgauta e leng sebe seo le se entseng ka matsoho a lona.
8 Moasiria o tla dihuwa ka sabole empa eseng ya motho.
O tla bolawa ka sabole eo eseng ya motho.+
O tla baleha sabole
Mme bahlankana ba hae ba tla qobellwa ho etsa mosebetsi o boima.