Jeremia
11 Lentsoe le ileng la hlaha ho Jeremia le tsoa ho Jehova, le re: 2 “Utloang mantsoe a selekane sena!
“U a bolelle+ batho ba Juda le baahi ba Jerusalema, 3 u re ho bona, ‘Sena ke seo Jehova Molimo oa Iseraele a se boletseng: “Ho rohakoe motho ea sa mameleng mantsoe a selekane sena,+ 4 ao ke a laetseng baholo-holo ba lōna letsatsing la ha ke ba ntša naheng ea Egepeta,+ sebōping sa tšepe,+ ke re, ‘Utloang lentsoe la ka, ’me le etse lintho ho ea ka sohle seo ke le laelang sona;+ ka sebele le tla ba sechaba sa ka ’me ke tla ba Molimo oa lōna,+ 5 ka morero oa ho phetha kano eo ke e hlapanyelitseng baholo-holo ba lōna,+ ho ba fa naha e phallang lebese le mahe a linotši,+ joaloka letsatsing lena.’”’”
Ka araba ’me ka re: “Amen, Jehova.”
6 Jehova a tsoela pele ho re ho ’na: “Bolela mantsoe ana ’ohle metseng ea Juda le literateng tsa Jerusalema,+ u re, ‘Utloang, mantsoe a selekane sena, ’me le a phethe.+ 7 Etsoe ke elelitse baholo-holo ba lōna ka tieo letsatsing la ha ke ba ntša naheng ea Egepeta+ ho fihlela letsatsing lena, ke tsoha hoseng ke eletsa, ke re: “Mamelang lentsoe la ka.”+ 8 Empa ha baa ka ba mamela kapa ba sekeha tsebe,+ empa ba ’na ba tsamaea e mong le e mong ka manganga a lipelo tsa bona tse mpe;+ kahoo ka tlisa holim ’a bona mantsoe ’ohle a selekane sena ao ke ba laetseng hore ba a phethe, empa ha baa ka ba a phetha.’”
9 Ho feta moo, Jehova a re ho ’na: “Ho fumanoe morero oa bolotsana har’a batho ba Juda le har’a baahi ba Jerusalema.+ 10 Ba khutletse liphosong tsa baholo-holo ba bona,+ ba pele, ba hanneng ho mamela mantsoe a ka, empa ba latela melimo e meng hore ba e sebeletse.+ Ba ntlo ea Iseraele le ba ntlo ea Juda ba tlōtse selekane sa ka seo ke se hlabileng le baholo-holo ba bona.+ 11 Ka hona sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Bonang! ke ba tlisetsa tlokotsi+ eo ba ke keng ba khona ho tsoa ho eona; ’me ka sebele ba tla hoeletsa ho ’na ho kōpa thuso, empa nke ke ka ba mamela.+ 12 Metse ea Juda le baahi ba Jerusalema ba tla lokela ho ea ’me ba hoeletse ho kōpa thuso ho melimo eo ba e etsetsang mosi oa sehlabelo,+ empa eo ka sebele e ke keng ea ba tlisetsa poloko nakong ea tlokotsi ea bona.+ 13 Etsoe melimo ea lōna e mengata joaloka metse ea lōna, Juda;+ ’me le behile lialetare tse ngata joaloka literata tsa Jerusalema bakeng sa ntho e hlabisang lihlong,+ lialetare tsa ho etsetsa Baale mosi oa sehlabelo.’+
14 “Ha e le uena, u se ke ua rapella sechaba sena, ’me u se ke ua se etsetsa mohoo oa kōpo e tiileng kapa thapelo,+ etsoe ke tla be ke sa mamela nakong ea ha se hoeletsa ho ’na mabapi le tlokotsi ea sona.+
15 “Moratuoa oa ka o na le taba efe ka tlung ea ka,+ hore ba bangata ba bona ba etse ntho ee,+ morero oa bolotsana?+ Na ba tla etsa hore nama e halalelang e fetisoe holim ’a hao,+ ha tlokotsi ea hao e tla? Na u tla thaba ka nako eo?+ 16 Jehova o u rehile lebitso la ‘sefate sa mohloaare se behang haholo, se nang le litholoana tse ntle le sebōpeho se setle.’+ O hotelitse mollo o chesang khahlanong le eena ka molumo oa ho puruma ho hoholo, ’me ba robile makala a sona.+
17 “Jehova oa mabotho, Molemi oa hao,+ o boletse tlokotsi khahlanong le uena ka lebaka la bobe boo ba ntlo ea Iseraele+ le ba ntlo ea Juda ba bo entseng ka hore ba ntšiteloe ka ho etsetsa Baale mosi oa sehlabelo.”+
18 Jehova o ntsebisitse e le hore nka tseba. Ka nako eo u entse hore ke bone mesebetsi ea bona.+ 19 Ke ne ke le joaloka konyana e tona, e ratehang, e tlisoang tlhabong,+ ’me ke ne ke sa tsebe hore ba ne ba ntherile:+ “A re senyeng sefate le lijo tsa sona, ’me re mo felise naheng ea ba phelang,+ hore lebitso la hae le se ke la hlola le hopoloa.” 20 Empa Jehova oa mabotho o ahlola ka ho loka;+ o hlahloba liphio le pelo.+ E se eka nka bona phetetso ea hao ho bona, etsoe ke u senoletse nyeoe ea ka.+
21 Ka hona sena ke seo Jehova a se boletseng khahlanong le batho ba Anathothe+ ba batlang moea oa hao, ba reng: “U se ke ua profeta ka lebitso la Jehova,+ e le hore u se ke ua shoela matsohong a rōna”; 22 ka hona sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng: “Bonang! ke lebisa tlhokomelo ea ka ho bona. Bahlankana ba tla bolaoa ka sabole. Bara ba bona le barali ba bona ba tla bolaoa ke tlala.+ 23 Ba ke ke ba e-ba le masala, kahobane ke tla tlisa tlokotsi holim ’a batho ba Anathothe,+ selemo sa hore ba eloe hloko.”+