Jeremia
39 Ka selemo sa borobong sa Tsedekia morena oa Juda, ka khoeli ea leshome,+ Nebukadrezare morena oa Babylona le lebotho lohle la hae ba tla Jerusalema ’me ba qala ho e thibella.+
2 Ka selemo sa leshome le motso o mong sa Tsedekia, ka khoeli ea bone, ka letsatsi la borobong la khoeli, motse oa thuhuoa.+ 3 Likhosana tsohle tsa morena oa Babylona tsa tla ’me tsa lula Hekeng e Bohareng,+ e leng, Nergale-sharezere, Samgare-nebo, Sarsekime, Rabsarise, Nergale-sharezere Morabemake le likhosana tse ling kaofela tsa morena oa Babylona.
4 Joale eare hang ha Tsedekia morena oa Juda le banna bohle ba ntoa ba li bona, ba qala ho baleha+ ’me ba tsoa motseng bosiu ka tsela ea serapa sa morena,+ ka heke e pakeng tsa lerako le habeli; ba ’na ba tsoa ka tsela ea Araba.+ 5 Lebotho la sesole la Bakalde la qala ho ba lelekisa,+ ’me ba fihlela Tsedekia lithoteng tsa lehoatata tsa Jeriko.+ Joale ba mo nka ’me ba mo tlisa ho Nebukadrezare morena oa Babylona Ribla+ naheng ea Hamathe+ e le hore a phatlalatse liqeto tsa boahloli ho eena.+ 6 Morena oa Babylona a bolaea+ bara ba Tsedekia Ribla ka pel’a mahlo a hae,+ ’me morena oa Babylona a bolaea+ bahlomphehi bohle ba Juda. 7 A foufatsa+ mahlo a Tsedekia, ka mor’a moo a mo tlama ka litlamo tsa koporo, e le hore a mo tlise Babylona.
8 Bakalde ba chesa ntlo ea morena le matlo a sechaba ka mollo,+ ’me ba heletsa marako a Jerusalema.+ 9 Batho ba bang kaofela ba neng ba setse motseng, le ba koenehileng ba neng ba oetse ka ho eena, le batho ba bang kaofela ba setseng, Nebuzaradane+ mookameli oa balebeli+ a ba isa kholehong Babylona.+
10 Ba bang sechabeng, ba tlaase ba neng ba se na letho ho hang, Nebuzaradane mookameli oa balebeli a ba siea naheng ea Juda;+ a ba fa lirapa tsa morara le tšebeletso e qobelloang letsatsing leo.+
11 Ho feta moo, Nebukadrezare morena oa Babylona a fana ka taelo malebana le Jeremia ka Nebuzaradane mookameli oa balebeli, a re: 12 “Mo nke ’me u mo behe leihlo, u se ke ua mo etsa letho le lebe.+ Empa feela kamoo a ka buang le uena kateng, u mo etse joalo.”
13 Tumellanong le hoo Nebuzaradane+ mookameli oa balebeli le Nebushazbane Morabsarise, le Nergale-sharezere Morabemake le banna bohle ba ka sehloohong ba morena oa Babylona ba romeletsa; 14 ba romeletsa ’me ba nka Jeremia Lebaleng la Balebeli+ ’me ba mo neha Gedalia+ mora oa Akikame+ mora oa Shafane,+ e le hore a mo tlise ka tlung ea hae, a tle a lule har’a sechaba.
15 Lentsoe la Jehova la hlaha ho Jeremia ha a ntse a koaletsoe Lebaleng la Balebeli,+ la re: 16 “E-ea, ’me u re ho Ebede-meleke+ Moethiopia, ‘Sena ke seo Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, a se boletseng: “Bona! ke phethahatsa mantsoe a ka holim ’a motse ona bakeng sa tlokotsi eseng bakeng sa se molemo,+ ’me ka sebele a tla etsahala ka pel’a hao letsatsing leo.”’+
17 “‘Letsatsing leo ke tla u lopolla,’+ ho bolela Jehova, ‘’me ho ke ke ha nehelanoa ka uena matsohong a batho bao u ba tšabang.’+
18 “‘Etsoe ruri ke tla u pholosa, ’me u ke ke ua lihuoa ka sabole; ka sebele u tla fumana moea oa hao e le thepa e hapuoeng,+ kahobane u ntšepile,’+ ho bolela Jehova.”