Jeremia
40 Lentsoe le ileng la hlaha ho Jeremia le tsoa ho Jehova ka mor’a hore Nebuzaradane+ mookameli oa balebeli a mo late Rama,+ ha a mo nka a ntse a tlamiloe ka mahlaahlela har’a baholehuoa bohle ba Jerusalema le Juda, ba neng ba isoa kholehong Babylona.+ 2 Joale mookameli oa balebeli a nka Jeremia ’me a re ho eena: “Jehova Molimo oa hao o boletse tlokotsi ena khahlanong le sebaka sena,+ 3 e le hore Jehova a ka e phethahatsa ’me a etsa feela joalokaha a boletse, hobane le sitetsoe Jehova ’me ha lea mamela lentsoe la hae. Ntho ena e le etsahalletse.+ 4 Joale bona! kajeno ke u lokolotse mahlaahleleng a neng a le matsohong a hao. Haeba ho le molemo mahlong a hao hore u tle le ’na Babylona, tloo, ’me ke tla u beha leihlo.+ Empa haeba ho le hobe mahlong a hao ho tla le ’na Babylona, u tlohele. Bona! Naha eohle e ka pel’a hao. Kae kapa kae moo ho leng hotle le moo ho nepahetseng mahlong a hao hore u ee, u ee teng.”+
5 O ne a ntse a ke ke a khutla, ha Nebuzaradane a re: “Khutlela ho Gedalia+ mora oa Akikame+ mora oa Shafane,+ eo morena oa Babylona a mo behileng hore a okamele metse ea Juda, ’me u lule le eena har’a sechaba; kapa leha e le kae moo ho leng hotle mahlong a hao hore u ee, u ee teng.”+
Joale mookameli oa balebeli a mo fa kabelo ea lijo le mpho eaba o mo tlohela hore a tsamaee.+ 6 Tumellanong le hoo Jeremia a fihla Mizpa+ ho Gedalia+ mora oa Akikame eaba o lula le eena har’a sechaba se neng se setse naheng eo.
7 Ka mor’a nako balaoli bohle ba mabotho a sesole ba neng ba le naheng,+ bona le banna ba bona, ba utloa hore morena oa Babylona o ne a behile Gedalia mora oa Akikame hore a okamele banna le basali le bana ba banyenyane le ba bang ba batho ba tlaase naheng, ba neng ba sa isoa kholehong Babylona.+ 8 Kahoo ba fihla ho Gedalia Mizpa, esita le Ishmaele+ mora oa Nethania le Johanane+ le Jonathane, bara ba Karea, le Seraia mora oa Tanhumethe le bara ba Efai Monetofa+ le Jezania+ Momakathe,+ bona le banna ba bona.+ 9 Gedalia+ mora oa Akikame+ mora oa Shafane+ a hlapanyetsa+ bona le banna ba bona, a re: “Le se ke la tšaba ho sebeletsa Bakalde. Le tsoele pele le lula naheng ’me le sebeletse morena oa Babylona, ’me lintho li tla le tsamaela hantle.+ 10 Ha e le ’na, bonang! ke lula Mizpa,+ e le hore ke eme ka pel’a Bakalde ba tlang ho tla ho rōna. Ha e le lōna, bokellang veine+ le litholoana tsa lehlabula le oli ’me le li tšele lijaneng tsa lōna ’me le lule metseng ea lōna eo le e hapileng.”
11 Bajuda bohle ba neng ba le Moabe le har’a bara ba Ammone le Edomo le ba neng ba le linaheng tse ling tsohle,+ le bona ba utloa hore morena oa Babylona o ne a file Juda masala le hore o ne a behile Gedalia+ mora oa Akikame mora oa Shafane hore a a okamele. 12 Bajuda bohle ba qala ho khutla libakeng tsohle tseo ba neng ba qhalakanyelitsoe ho tsona, ba ’na ba tla naheng ea Juda ho Gedalia Mizpa.+ Ba qala ho bokella veine le litholoana tsa lehlabula tse ngata haholo.
13 Ha e le Johanane+ mora oa Karea+ le balaoli bohle ba mabotho a sesole ba neng ba le naheng,+ ba tla ho Gedalia Mizpa. 14 Ba re ho eena: “Na ho hang ha u tsebe hore Baalise, morena oa bara ba Ammone,+ o rometse Ishmaele+ mora oa Nethania+ hore a otle moea oa hao a o bolaee?” Empa Gedalia mora oa Akikame ha aa ka a ba lumela.
15 Johanane+ mora oa Karea a re ho Gedalia, sebakeng seo ho ipatoang ho sona Mizpa: “Ke batla ho ea, hona joale, ke bolaee Ishmaele mora oa Nethania, kaha ho hang ha ho ea tla tseba.+ Ke hobane’ng ha a lokela ho otla moea oa hao hore a o bolaee, ’me ke hobane’ng ha bohle ba Juda ba bokeletsoeng ho uena ba hasanngoa le masala a Juda a timela?”+ 16 Empa Gedalia+ mora oa Akikame+ a re ho Johanane mora oa Karea: “U se ke ua etsa ntho ena, etsoe seo u se buang malebana le Ishmaele ke leshano.”+