Hosea
3 Jehova a tsoela pele ho re ho ’na: “E-ea hape, u rate mosali ea ratoang ke motsoalle+ le ea febang, joaloka tabeng ea lerato la Jehova bakeng sa bara ba Iseraele+ ha ka nako e tšoanang ba ntse ba retelehela ho melimo e meng+ ’me ba rata bohobe ba morara o omisitsoeng.”+
2 Ka ithekela eena ka likotoana tse leshome le metso e mehlano tsa silevera+ le tekanyo ea homere ea harese le halofo ea homere ea harese. 3 Joale ka re ho eena: “U tla lula u le oa ka ka matsatsi a mangata.+ U se ke ua etsa bohlola,+ ’me u se ke ua ba oa monna e mong; le ’na ke tla ba oa hao.”
4 Ke hobane ka matsatsi a mangata bara ba Iseraele ba tla lula ba se na morena+ ba se na khosana ba se na sehlabelo+ ba se na sefika ’me ba se na efoda+ le terafime.+ 5 Ka mor’a moo bara ba Iseraele ba tla khutla ’me ka sebele ba batle Jehova Molimo oa bona,+ le morena oa bona Davida;+ ’me ka sebele ba tla tla ba thothomela ho Jehova+ le ho molemo oa hae karolong e qetellang ea matsatsi.+