Hosea
4 Utloang lentsoe la Jehova, Lōna bara ba Iseraele, etsoe Jehova o na le nyeoe le baahi ba naha,+ kaha ha ho ’nete+ leha e le mosa o lerato kapa tsebo ea Molimo naheng.+ 2 Ho hlahile ho phatlalatsa bomalimabe+ le thetso+ le ho bolaea+ le ho utsoa le ho feba,+ ’me liketso tsa tšollo ea mali li amile liketso tse ling tsa tšollo ea mali.+ 3 Ke ka lebaka leo naha e tlang ho siama+ ’me moahi e mong le e mong ea leng ho eona o tla lokela ho nyamela le sebata sa naha le sebōpuoa se fofang sa maholimo, esita le litlhapi tsa leoatle li tla bokelloa lefung.+
4 “Leha ho le joalo, ho se ke ha e-ba le motho ea tsekisang, hape ho se ke ha e-ba le motho ea khalemelang, hobane batho ba heno ba joaloka ba tsekisanang le moprista.+ 5 Ka sebele u tla khoptjoa motšehare,+ esita le moprofeta o tla khoptjoa hammoho le uena, joaloka bosiu.+ Ke tla khutsisa ’m ’ao.+ 6 Ka sebele sechaba sa ka se tla khutsisoa, hobane ha ho tsebo.+ Kahobane u lahlile tsebo,+ le ’na ke tla u lahla hore u se ke ua sebeletsa u le moprista ho ’na;+ ’me kahobane u ntse u lebala molao oa Molimo oa hao,+ le ’na ke tla lebala bara ba hao.+ 7 Ho ea ka tekanyo ea letšoele la bona, ka ho tšoanang ba ntšitetsoe. Ba fapantšitse khanya ea ka bakeng sa ho hlompholoha feela. 8 Ba ntse ba harola sebe sa sechaba sa ka, ’me ba ntse ba phahamisetsa meea ea bona phosong ea sona.+
9 “Ho sechaba ho tla lokela hore ho tšoane le ho moprista;+ ’me ka sebele ke tla ahlola litaba khahlanong le bona bakeng sa litsela tsa bona;+ ’me ke tla khutlisetsa mesebetsi ea bona holim ’a bona.+ 10 Ba tla ja, empa ba ke ke ba khora.+ Ba tla tšoara basali joaloka liotsoa; empa ba ke ke ba eketseha,+ hobane ba tlohetse ho ela Jehova hloko.+ 11 Bohlola le veine le veine e monate li tlosa tšusumetso e ntle.+ 12 Sechaba sa ka se ntse se botsa+ litšoantšo tsa sona tsa lehong,+ ’me lere la matsoho a sona le ntse le se bolella; hobane moea oa bohlola o entse hore se hlahlathele,+ ’me ka bohlola se tloha tlas’a Molimo oa sona.+ 13 Se etsa sehlabelo litlhōrōng tsa lithaba,+ ’me se etsa mosi oa sehlabelo maralleng,+ tlas’a sefate sa setonanahali le sefate sa storaxe le sefate se seholo, hobane moriti oa sona o molemo.+ Ke ka lebaka leo barali ba lōna ba etsang bohlola le lingoetsi tsa lōna li febang.
14 “Nke ke ka ahlola litaba khahlanong le barali ba lōna hobane ba etsa bohlola, le khahlanong le lingoetsi tsa lōna hobane lia feba. Etsoe, ha e le banna, ba ea moo ba leng bang le liotsoa,+ ’me ba etsa sehlabelo le matekatse a basali a tempele;+ ’me batho ba sa utloisiseng+ ba tla hatakeloa. 15 Le hoja u etsa bohlola, Uena Iseraele,+ Juda e se ke ea e-ba molato,+ ’me le se ke la tla Gilgale,+ kapa la nyolohela Bethe-avene+ kapa la hlapanya ‘Ka Jehova ea phelang!’+ 16 Etsoe, joaloka khomo e manganga, Baiseraele ba bile manganga.+ Na joale Jehova o tla ba lisa joaloka pheleu e nyenyane sebakeng se seholo? 17 Baefraime ba kopantsoe le litšoantšo tse rapeloang.+ Ba ke ba tloheloe ba ’notši!+ 18 Kaha joala ba bona ba koro bo felile,+ ka sebele ba tšoere mosali joaloka seotsoa.+ Ka sebele basireletsi ba bona+ ba ratile ho hlompholoha.+ 19 Moea o ba phuthetse mapheong a oona.+ Ba tla hlajoa ke lihlong ka mahlabelo a bona.”+