Genese
20 Abrahama a tlosa ditente tsa hae moo,+ a di isa naheng ya Negebe yaba o dula pakeng tsa Kadeshe+ le Shure.+ Ha a ntse a dula* Gerare,+ 2 o ne a tlwaetse ho re ka mosadi wa hae Sara: “Ke kgaitsedi ya ka.”+ Abimeleke morena wa Gerare a roma bahlanka ba hae hore ba late Sara.+ 3 Bosiu Modimo a tla ho Abimeleke torong yaba o re ho yena: “O tlo shwa hobane o nkile Sara+ ka ha o nyetswe.”+ 4 Empa Abimeleke o ne a eso mo etse letho.* Ka hoo a re: “Jehova, na o tla bolaya setjhaba se se nang molato?* 5 Abrahama o itse Sara ke kgaitsedi ya hae, le yena Sara o itse Abrahama ke abuti wa hae. Ha ke na molato. Ke ne ke sa tsebe hore ke etsa phoso.” 6 Modimo wa nnete a re ho yena torong: “Ke bone hore o ne o sa tsebe hore o etsa phoso yaba ke a o thiba hore o se ke wa etsa sebe. Ke ka hoo ke sa o dumellang hore o mo thetse. 7 Kgutlisa mosadi wa monna eo hobane monna eo ke moprofeta,+ o tla o etsetsa thapedi+ mme o tla nne o phele. Empa haeba o sa mo kgutlise, wena le batho bohle ba hao le tla shwa.”
8 Abimeleke a tsoha hoseng haholo yaba o bitsa bahlanka bohle ba hae, a ba bolella dintho tsena tsohle mme ba tshoha haholo. 9 Abimeleke a bitsa Abrahama yaba o re ho yena: “Ke hobaneng ha o re entse tjee? Ke o entseng hoo o ka tlisetsang nna le mmuso wa ka sebe se seholo hakaale? Ntho eo o nkentseng yona ha e a loka.” 10 A boela a re ho Abrahama: “Ke hobaneng ha o ne o etsa tjee?”+ 11 Abrahama a re: “Ke entse jwalo hobane ke ne ke nahana hore batho ba mona ha ba tshabe Modimo mme ba tla mpolaya ka lebaka la mosadi wa ka.+ 12 Ntle ho moo, ka nnete ke kgaitsedi ya ka. Ke moradi wa ntate wa ka empa eseng wa mme wa ka. Ke ile ka mo nyala.+ 13 Ha Modimo a re ke tlohe ntlong ya Ntate+ mme ke be moleleri, ke ile ka re ho Sara: ‘O etse tjena ho bontsha hore o a nthata:* Ha o bua ka nna hohle moo re yang teng, o re: “Ke abuti wa ka.”’”+
14 Ka mora moo, Abimeleke a fa Abrahama dinku le dikgomo, a mo fa le basebeletsi ba banna le ba basadi mme a kgutlisetsa Sara ho Abrahama. 15 Abimeleke a re: “Ke o fa naha ya ka. Dula hohle moo o batlang.” 16 A re ho Sara: “Ke fa abuti wa hao+ ditjhelete tsa silevera tse 1 000. Ke pontsho ya hore ha o na molato ka pela batho bohle ba nang le wena le batho ba bang kaofela mme ba tla o hlompha.” 17 Abrahama a etsa thapedi ho Modimo wa nnete mme Modimo a fodisa Abimeleke le mosadi wa hae le basebeletsi ba hae ba basadi yaba ba qala ho ba le bana. 18 Jehova o ne a entse hore basadi bohle ba ntlo ya Abimeleke ba se ke ba eba le bana* ka lebaka la Sara, mosadi wa Abrahama.+