Genese
33 Jakobo a bona Esau a tla le bahlanka ba hae ba 400.+ A arola bana. Ba bang a ba fa Lea, ba bang a ba fa Ragele mme ba bang a ba fa basebeletsi ba babedi ba basadi.+ 2 A beha basebeletsi ba basadi le bana ba bona ka pele,+ ka mora bona ya eba Lea le bana ba hae+ mme ka mora bona a beha Ragele+ le Josefa. 3 A ya ka pela bona mme a kgumama* ka makgetlo a supileng ha a ntse a atamela abuti wa hae.
4 Empa Esau a matha ho ya kopana le yena, a mo haka a ba a mo suna* yaba ba lla ha bohloko. 5 Ha a bona basadi le bana a re: “Ke bomang baa ba nang le wena?” Jakobo a re: “Ke bana bao Modimo a hauhetseng mohlanka wa hao ka bona.”+ 6 Basebeletsi ba basadi ba atamela le bana ba bona mme ba kgumama, 7 Lea a atamela le bana ba hae mme ba kgumama. Josefa le Ragele le bona ba atamela yaba ba a kgumama.+
8 Esau a re: “Ke hobaneng ha o ile wa romela batho le diphoofolo tseo ke kopaneng le tsona?”+ Jakobo a re: “Hore o tle o nkgauhele morenaka.”+ 9 Esau a re: “Ngwaneso, ke na le maruo a mangata haholo.+ O se ke wa mpha a hao.” 10 Empa Jakobo a re: “Ke a o kopa hle, haeba o nkgauhetse ke kopa o nke mpho ena hobane ke o tliseditse yona e le hore ke bone sefahleho sa hao. Ke bone sefahleho sa hao jwalo ka ha eka ke bone sefahleho sa Modimo hobane o nkamohetse ka thabo.+ 11 Ke kopa o nke mpho* e ileng ya tliswa ho wena+ hobane Modimo o nkgauhetse mme ke na le dintho tsohle tseo ke di hlokang.”+ A mo phehella ho fihlela a e nka.
12 Ha morao Esau a re: “A re tsamaye mme ke tla di hula pele.” 13 Empa Jakobo a re ho yena: “Morenaka o hlokometse hore bana ba sa le banyenyane+ hape ke hlokometse dinku le dikgomo tse anyesang. Haeba di potlakiswa haholo ka letsatsi le le leng, diphoofolo tsohle di tla shwa. 14 Morenaka ke kopa o tsamaelle pele, nna ke tla tsamaya ke iketlile le diphoofolo tsa ka le bana ho fihlela ke fihla Seire ho wena.”+ 15 Esau a re: “Ke kopa ho siya ba bang ba batho ba ka le wena.” Jakobo a re: “Hobaneng? Ke mpa feela ke batla hore o nkgauhele morenaka.” 16 Letsatsing leo Esau a kgutlela Seire.
17 Jakobo a ya Sukothe,+ a ikahela ntlo mme a hahela diphoofolo tsa hae masaka. Ke ka lebaka leo a ileng a reha sebaka seo Sukothe.*
18 Jakobo a tloha Padane-arame+ mme a fihla a sireletsehile motseng wa Shikeme+ o naheng ya Kanana+ yaba o hloma ditente tsa hae haufi le motse oo. 19 A reka tshimo ka dikotwana tse 100 tsa tjhelete+ ho bara ba Hamore ntate wa Shikeme yaba o hloma tente ya hae moo. 20 A hloma aletare moo mme a e bitsa Modimo ke Modimo wa Iseraele.+