Genese
44 Josefa a re ho monna ya neng a okametse ntlo ya hae: “Tlatsa mekotla ya banna bao ka dijo tse ngata tseo ba ka kgonang ho di jara mme o kenye ditjhelete tsa bona ka mekotleng.+ 2 Empa o kenye kopi ya ka ya silevera ka mokotleng wa e monyenyane le tjhelete ya hae ya koro.”* A etsa seo Josefa a mo laetseng sona.
3 Hoseng ha ho se ho kganya, banna bao ba tsamaya le ditonki tsa bona. 4 Ba ne ba eso ye hole le motse ha Josefa a re ho monna ya okametseng ntlo ya hae: “Lelekisa banna bao. Ha o fihla ho bona o re, ‘Ke hobaneng ha le kgutlisetsa botle ka bobe? 5 Ke hobaneng ha le nkile kopi eo mongaka a nwellang ho yona, eo a e sebedisetsang ho hlalosa bokamoso? Le entse ntho e mpe haholo.’”
6 A fihla ho bona mme a ba bolella mantswe ao. 7 Empa ba re ho yena: “Ke hobaneng ha morena a bua mantswe aa? Bahlanka ba hao ba ke ke ba etsa ntho e jwalo. 8 Tjhelete eo re e fumaneng ka mekotleng ya rona re e kgutliseditse ho wena ha re tswa naheng ya Kanana.+ Ke jwang re ka utswang silevera kapa kgauta ka tlung ya monga hao? 9 Haeba e fumanwa ho e mong wa rona, a ke a bolawe mme le rona re tla ba makgoba a hao.” 10 Monna eo a re: “Ho lokile. Motho eo kopi e tla fumanwa ho yena e tla ba lekgoba la ka empa lona ba bang le tla be le se na molato.” 11 Kaofela ba theola mekotla mme ba e bula. 12 A sheba ka mekotleng ya bona. A qala ka wa e moholo mme a qetella ka wa e monyenyane. Qetellong kopi ya fumanwa ka mokotleng wa Benjamine.+
13 Ba tabola diaparo tsa bona mme ba palamisa mekotla ya bona ditonking yaba ba kgutlela motseng. 14 Juda+ le bana babo ba fumana Josefa a ntse a le teng ka tlung yaba ba kgumama* ka pela hae.+ 15 Josefa a re ho bona: “Le entseng? Na le ne le sa tsebe hore motho ya tshwanang le nna a ka hlalosa bokamoso?”+ 16 Juda a re: “Re ka reng ho monga rona? Re ka paka jwang hore ha re na molato? Modimo wa nnete o fumane phoso ya rona.+ Kaofela ha rona re makgoba a hao.” 17 Josefa a re: “Nke ke ka etsa ntho e jwalo! Motho eo kopi e fumanweng ho yena ke yena eo e tla ba lekgoba la ka.+ Ha e le lona ba bang, eyang ho ntate wa lona ka kgotso.”
18 Juda a mo atamela mme a re: “Ke a o kopa hle mongaka, ere ke bue le wena mme o se ke wa nkgalefela hobane o na le matla a tshwanang le a Faro.+ 19 O ile wa re botsa wa re, ‘Na le na le ntate kapa ngwanabo lona?’ 20 Ra re, ‘Re na le ntate ya hodileng le ngwanabo rona e monyenyane+ ya hlahileng Ntate a se a tsofetse empa ngwanabo o shwele.+ Ka hoo, ke yena feela mora ya setseng wa mme wa hae+ mme Ntate ha a batle letho ka yena.’ 21 Ka mora moo wa re ho rona, ‘Mo tliseng ho nna e le hore ke tle ke mo bone.’+ 22 Empa ra re ho wena, ‘Ngwanabo rona e monyenyane ha a kgone ho siya Ntate. Ha a ka mo siya, Ntate o tla shwa.’+ 23 O ile wa re, ‘Le se ke la kgutlela ho nna ntle le haeba le tla le ngwanabo lona.’+
24 Ra ya ho ntate wa rona yaba re mo bolella seo o se buileng. 25 Ntate o ile a re, ‘Kgutlang, le yo re rekela dijonyana.’+ 26 Empa ra re, ‘Ha re kgone ho ya. Re tla ya haeba ngwanabo rona e monyenyane a ena le rona hobane re ke ke ra kgutlela ho monna eo haeba a le siyo.’+ 27 Ntate wa rona a re, ‘Le tseba hantle hore mosadi wa ka o ntswalletse bara ba babedi feela.+ 28 Empa e mong o ntshiile mme ke ile ka re: “E tlameha ebe o bolailwe* ke phoofolo e hlaha”+ mme ha ke eso mo bone ho fihlela hona jwale. 29 Haeba le ka nkamoha le enwa mme a hlahelwa ke kotsi tseleng ebe o a shwa, le tla theolela moriri wa ka o moputswa Lebitleng*+ ka pelo e bohloko.’+
30 Ntate o rata ngwaneso e monyenyane haholo. Haeba ke kgutlela ho yena a le siyo, 31 hang feela ha a bona a le siyo o tla shwa mme re tla theolela moriri wa ntate wa rona o moputswa Lebitleng* ka pelo e bohloko. 32 Ke ikanne ho ntate wa ka hore haeba ke hloleha ho kgutlisetsa ngwanabo rona e monyenyane ho yena, ke tla be ke mo foseditse.+ 33 Ke kopa o ntumelle hore ke sale, ke be lekgoba la hao eseng ngwaneso e monyenyane e le hore a ka kgutla le bana babo. 34 Nka kgutlela ho ntate wa ka jwang ngwaneso e monyenyane a le siyo? Ha ke batle ho bona Ntate a utlwile bohloko.”