Jobo
2 “Na mantswe aa ha ho na motho ya tla a araba,
Kapa na ho bua haholo ho etsa hore motho ebe ya lokileng?*
3 Na mantswe a hao a se nang thuso a tla etsa hore batho ba thole?
Na ha ho na motho ya tla o kgalemella mantswe aa a hao a somang?+
6 O ne a tla o bolella makunutu a ho ba bohlale,
Hobane bohlale ba nnete bo tla o ruta dintho tse ngata.
Ka mora moo, o tla hlokomela hore Modimo o kgetha ho lebala tse ding tsa diphoso tsa hao.
7 Na o ka tseba dintho tse tebileng tsa Modimo
Kapa na o ka utlwisisa dintho tsohle ka* Ya Matla Ohle?
8 Bohlale ba hae bo phahame ho feta mahodimo, o ka bo finyella jwang?
Bo tebile ho feta Lebitla,* o ka tseba eng ka bona?
9 Bo bolelele ho feta lefatshe
Mme bo sephara ho feta lewatle.
10 Haeba Modimo a tshwara motho mme a mo isa kgotla,
Ke mang ya ka mo thibang?
11 O tseba batho ba bolotsana.
Na ha a hlokomele ha dintho tse mpe di etsahala?
13 Haeba feela o ka lokisa pelo ya hao
Mme wa otlollela matsoho a hao ho yena,
14 Haeba letsoho la hao le etsa se sebe, o le behelle hole le wena
Mme o se ke wa dumella dintho tse sa lokang ka ditenteng tsa hao.
15 Ka nako eo, o tla phahamisa hlooho ya hao o sa hlajwe ke dihlong,
O tla ema o tiile o sa tshabe letho.
16 Ka nako eo o tla lebala mathata a hao,
O tla a hopola jwalo ka ha eka ke metsi a ileng a feta pela hao.
17 Bophelo ba hao bo tla kganya ho feta kganya ya motshehare,
Le lefifi la bona le be jwalo ka ha eka ke hoseng.
18 O tla ba sebete hobane ho tla be ho ena le tshepo,
O tla qamaka mme o robale o sireletsehile.
19 O tla robala ho se na motho ya o tshosang,
Mme o tla ratwa ke batho ba bangata.