Dipesaleme
Pina ya ho Nyolohela Motseng.
2 Jehova, hopola ka moo a ileng a ikana ho wena ka teng,
Ha a etsa boitlamo ho Modimo ya Matla wa Jakobo a re:+
3 “Nke ke ka kena ka tlung ya ka.+
Nke ke ka robala betheng ya ka.
4 Nke ke ka robala
Kapa ka otsela
5 Ho fihlela ke fumanela Jehova sebaka,
Ke fumanela Modimo ya Matla wa Jakobo sebaka se setle seo a ka dulang ho sona.”*+
9 E se eka baprista ba hao e ka ba ba lokileng,
Batho ba hao ba tshepahalang ba ke ba hweletse ba thabile.
11 Jehova o hlapanyeditse Davida.
A ke ke a kwenehela seo a se buileng, ha a ne a re:
“Ke tla beha e mong wa ditloholo tsa hao
Teroneng ya hao.+
12 Haeba bara ba hao ba ka boloka selekane sa ka
Le melao eo ke ba rutang yona,+
Bara ba bona le bona
Ba tla dula teroneng ya hao ka ho sa feleng.”+
O batla hore e be sebaka sa hae seo a dulang ho sona. O itse:+
14 “Mona ke moo ke tla phomola teng ka ho sa feleng.
Ke tla dula mona+ hobane ke moo ke batlang ho dula teng.
15 Ke tla hlohonolofatsa sebaka sena ka dijo.
Ba futsanehileng ba dulang moo ke tla ba fa bohobe ho fihlela ba kgotsofetse.+
17 Ke tla etsa hore matla* a Davida a eketsehe moo.
Ke lokiseditse motlotsuwa wa ka lebone.+