2 Ke hobaneng ha ditjhaba di etsa moferefere
Le batho ba korotla ka ntho e se nang thuso?+
2 Marena a lefatshe a itokisetsa ho lwana,
Balaodi ba phahameng ba ikopanya+
Hore ba hlasele Jehova le motlotsuwa wa hae.+
3 Ba re: “A re kgaoleng diketane tsa bona
Re lahle le diropo tsa bona.”
4 Ya dutseng teroneng lehodimong o tla tsheha.
Jehova o tla ba tsheha.
5 Ka nako eo o tla bua le bona a halefile,
O tla ba tshosa hobane o tla be a halefile haholo.
6 A re: “Ke behile morena wa ka+
Hodima Sione,+ thabeng ya ka e halalelang.”
7 Ere ke phatlalatse taelo ya Jehova.
O itse ho nna: “O mora wa ka,+
Ho tloha kajeno ke ntate wa hao.+
8 Nkope mme ke tla o fa ditjhaba hore e be lefa la hao
Le lefatshe lohle hore e be la hao.+
9 O tla di robakanya ka lere la borena la tshepe.+
O tla di pshatla jwalo ka sejana sa letsopa.”+
10 Jwale lona marena, etsang dintho ka bohlale.
Amohelang kgalemelo, lona baahlodi ba lefatshe.
11 Tshabang Jehova ha le ntse le mo sebeletsa.
Le thabe le be le mo hlomphe ka ho tebileng.
12 Hlomphang mora,+ ho seng jwalo Modimo o tla halefa
Ebe le a bolawa, le tloswa tseleng+
Hobane o kgona ho halefa kapele.
Ho thaba bohle ba balehelang ho yena.