Ho motsamaisi, e binwe ka diletsa tse dikgwele ka modumo wa Sheminithe. Pina ya Davida.
6 Jehova hle, o se ke wa nkgalemela o halefile,
O se ke wa nkgalemela ka bohale.+
2 Nkgauhele hle Jehova hobane ke fellwa ke matla.
Mphodise Jehova+ hobane masapo a ka a a thothomela.
3 Ke kgathatsehile haholo.+
Ke a o botsa hle Jehova, ho tla nka nako e telele hakae?+
4 Tloo o mpholose hle Jehova.+
Mpholose hobane o a nthata.+
5 Ha motho a shwele, a ke ke a bua ka wena.
Ke mang ya tla o rorisa a le Lebitleng?+
6 Ke kgathetse ka lebaka la ho dula ke lla.+
Bosiu bohle ke kolobisa bethe ya ka ka dikeledi.
Setulo sa ka se tletse metsi ka lebaka la meokgo ya ka.+
7 Ke tshwenyehile haholo ka lebaka la mahlomola a ka,+
Ha ke sa bona hantle ka lebaka la bohle ba ntshwereng hampe.
8 Tlohang ho nna lona bohle ba etsang dintho tse mpe
Hobane Jehova o tla utlwa sello sa ka.+
9 Jehova o tla nkutlwa ha ke mo kopa hore a nkutlwele bohloko.+
Jehova o tla araba thapelo ya ka.
10 Dira tsohle tsa ka di tla tshoha haholo di be di hlajwe ke dihlong.
Di tla baleha ka tshohanyetso di tlotlolohile.+