Dipesaleme
Maskile.* Pesaleme ya Ethane+ wa Moezra.
89 Ke tla bina ka ho sa feleng ka ditsela tseo Jehova a bontshang lerato ka tsona.
Ka molomo wa ka, ke tla tsebisa meloko yohle botshepehi ba hao.
2 Ke itse: “Lerato* la hao le tla dula le le teng ka ho sa feleng+
Ebile o entse hore botshepehi ba hao bo dule bo le teng mahodimong.”
3 “Ke entse selekane le mokgethwa wa ka.+
Ke ikanne ho Davida mohlanka wa ka ka re:+
4 ‘Ke tla etsa hore ditloholo* tsa hao+ di dule di le teng ka ho sa feleng,
Ke be ke etse hore puso* ya hao e be teng melokong yohle.’”+ (Selah)
5 Jehova, mahodimo a rorisa diketso tsa hao tse hlollang,
A rorisa botshepehi ba hao phuthehong ya bahalaledi.
6 Ke mang mahodimong ya ka bapiswang le Jehova?+
Ke mang ya tshwanang le Jehova hara bara ba Modimo?+
7 Modimo o a hlomphuwa phuthehong ya bahalaledi.+
O moholo ebile o hlomphuwa ho feta bohle ba mo potolohileng.+
Botshepehi ba hao bo o potapotile.+
9 O busa hodima lewatle le halefileng.+
Ha maqhubu a lona a phahama, o a a kgutsisa.+
10 O silakantse Rahaba+ jwalo ka motho ya bolailweng.+
O hasantse dira tsa hao ka letsoho la hao le matla.+
11 Mahodimo ke a hao le lefatshe ke la hao.+
O thehile lefatshe le dintho tse tletseng ho lona.+
12 O entse hore ho be le leboya le borwa.
Tabore+ le Hermone+ di rorisa lebitso la hao di thabile.
Seatla sa hao se matla.+
Letsoho la hao le letona le phahame.+
14 Ka mehla o busa ka toka le ho loka.+
O bontsha lerato* le botshepehi ka dinako tsohle.+
15 Ho thaba batho ba o rorisang ba thabile.+
Ba tsamaya le wena* Jehova mme o a ba hauhela.
16 Ba dula ba thabile letsatsi lohle ka lebaka la lebitso la hao
Ebile ba a phahamiswa ka lebaka la toka ya hao.
19 Ka nako eo, o ile wa bua le batho ba hao ba tshepahalang ponong wa re:
“Ke thusitse ya matla.+
Ke phahamisitse ya kgethilweng hara batho.+
20 Ke fumane mohlanka wa ka Davida.+
Ke mo tlotsitse ka oli ya ka e halalelang.+
22 Ha ho na sera se tla mo qobella hore a ntshe lekgetho*
Ebile ha ho na motho ya sa lokang ya tla mo hatella.+
29 Ke tla etsa hore ditloholo* tsa hae di dule di le teng ka ho sa feleng
Le mmuso wa hae o dule o le teng jwalo ka mahodimo.+
30 Haeba bara ba hae ba sa mamele molao wa ka
Ebile ba sa latele ditaelo* tsa ka,
31 Ha ba sa mamele melao ya ka
Ba bile ba sa boloke ditaelo tsa ka,
32 Ke tla ba shapa ka thupa hobane ba sa mamele,*+
Ke ba shape ka phafa ka lebaka la diphoso tsa bona.
35 Ka ha ke a halalela, ke ikanne hanngwe feela.
Nke ke ka bolella Davida leshano.+
36 Ditloholo* tsa hae di tla ba teng ka ho sa feleng.+
Mmuso wa hae o tla dula o le teng jwalo ka letsatsi ka pela ka.+
37 O tla dula o le teng ka ho sa feleng
Feela jwalo ka ha kgwedi e dula e le teng* mahodimong.” (Selah)
39 O fetohetse selekane seo o neng o se entse le mohlanka wa hao.
O silafaditse korone ya hae ka ho e lahlela fatshe.
40 O dihile marako ohle a hae a hahilweng ka majwe.
O sentse dibaka tsa hae tse sireleditsweng ka thata.
41 Bohle ba fetang ka tsela ba mo nketse thepa.
Baahisani ba hae ba a mo nyefola.+
42 O entse hore dira tsa hae di hlole.*+
Wa thabisa dira tsohle tsa hae.
43 Wa etsa le hore sabole ya hae e se ke ya mo tswela molemo
Ebile ha o a ka wa mo thusa ntweng.
44 O entse hore a se ke a hlola a hlompheha
Le hore a se ke a hlola a busa.
45 Wa etsa hore a tsofale kapele
Le hore a hlajwe ke dihlong. (Selah)
46 Jehova, o tla iphapanyetsa rona ho fihlela neng? Na e tla ba ka ho sa feleng?+
Na bohale ba hao bo tla dula bo tuka jwalo ka mollo?
47 Hopola ka moo bophelo ba ka bo leng bokgutshwanyane ka teng.+
Na o bopile batho bohle ntle ho lebaka?
48 Na ho na le motho ya phelang ya ke keng a shwa?+
Na a ka lopolla bophelo ba hae hore a se ke a shwa?* (Selah)
49 Jehova, le hokae lerato leo o ileng wa le bontsha nakong e fetileng,
Leo o ileng wa ikana ka lona ho Davida hobane o tshepahala?+