Esaia
64 Hoja o ile wa hahola mahodimo, wa theoha
E le hore dithaba di sisinyehe ka lebaka la hao.
2 Jwalo ka ha mollo o tjhesa dihotetso
O bile o etsa hore metsi a bele
Jwale dira tsa hao di ne di tla tseba lebitso la hao
Le ditjhaba di ne di tla thothomela ka pela hao.
3 Nakong eo o neng o etsa dintho tse hlollang tseo re neng re ke ke ra di lebella,+
O ile wa theoha yaba dithaba di a sisinyeha ka pela hao.+
4 Ho tloha mehleng ya kgale ha ho motho ya utlwileng kapa ya mametseng
Kapa ya boneng Modimo e mong ntle ho wena,
5 O kopane le ba thabelang ho etsa dintho tse lokileng,+
Ba o hopolang mme ba latela ditsela tsa hao.
O ile wa halefa ha re ntse re etsa sebe,+
Re se entse ka nako e telele.
Na re lokela ho pholoswa?
6 Kaofela re jwalo ka motho ya sa hlwekang,
Diketso tsohle tsa rona tse lokileng di tshwana le lesela le ditshila.*+
Kaofela re tla omella jwalo ka lekgasi,
Diphoso tsa rona di tla re fefola jwalo ka moya.
7 Ha ho na ya ipiletsang lebitsong la hao,
Ha ho na ya etsang boiteko ba hore a o batle le ho o tshwara ka tiyo.
O re patetse sefahleho sa hao.+
O etsa hore re fellwe ke matla* ka lebaka la diphoso tsa rona.
8 Empa Jehova, o Ntate wa rona.+
Re letsopa mme o Sebopi sa rona.*+
Kaofela ha rona re mosebetsi wa matsoho a hao.
9 Jehova, o se ke wa halefa haholo.+
O se ke wa dula o hopola diphoso tsa rona.
Ka kopo, hopola hore kaofela re setjhaba sa hao.
10 Metse ya hao e halalelang e fetohile dithako.
Sione e fetohile dithako,
Jerusalema ke hlathe.+
11 Tempele* ya rona e halalelang, e hlomphehang,*
Eo baholoholo ba rona ba o roriseditseng ho yona,
E tjhesitswe ka mollo+
Mme dintho tsohle tsa bohlokwa di senyehile.
12 Jehova, na o tla nne o hane ho re thusa le tlasa maemo aa?
Na o tla nne o thole mme o dumelle hore re hloriswe hampe tjee?+