Kosepele ya Mareka
11 Ha ba le haufi le Jerusalema, ba fihla Thabeng ya Mehlwaare moo Bethefage le Bethani+ di leng hona teng yaba Jesu o roma barutuwa ba babedi+ 2 mme a re ho bona: “Tsamayang le kene motsaneng wane o ka pela lona. Hang ha le fihla le tla fumana petsana ya tonki e tlanngweng. Ke petsana e eso palangwe ho hang, le e tlamolle le e tlise kwano. 3 Haeba mang kapa mang a re ho lona: ‘Ke hobaneng ha le etsa tjee?’ Le re: ‘Morena o a e hloka mme o tla e kgutlisetsa mona hanghang.’” 4 Ka hoo, ba tloha mme ba fumana petsana ya tonki e tlanngwe monyako wa ntlo e pela tsela yaba ba a e fasolla.+ 5 Empa batho ba bang ba emeng moo ba re ho bona: “Le etsang ha le fasolla petsana eo?” 6 Ba ba araba jwalo ka ha Jesu a ne a ba laetse mme ba ba tlohela hore ba tsamaye.
7 Ba tlisa petsana eo+ ho Jesu, ba beha diaparo tsa bona hodima yona yaba o a e palama.+ 8 Hape, batho ba bangata ba ala diaparo tsa bona ka tseleng. Ba bang bona ba nka makala ao ba neng ba a pomme masimong yaba ba a ala ka tseleng.+ 9 Ba tsamayang ka pele le ba tlang ka morao ba nna ba hweletsa: “Re rapella hore o mo pholose.+ Ho hlohonolofetse ya tlang ka lebitso la Jehova.*+ 10 Ho hlohonolofetse Mmuso o tlang wa ntate wa rona Davida!+ Re a rapela, mo pholose wena ya hodimo!” 11 Yaba o fihla Jerusalema, o ya ka tempeleng. A sheba dintho tsohle tse ka tempeleng empa ka ha nako e ne e se e ile, a tswa ho ya Bethani le baapostola ba 12.+
12 Letsatsing le hlahlamang ha ba tloha Bethani, a utlwa a lapile.+ 13 Ha a le hojana a bona sefate sa feie* se nang le makgasi yaba o ya ho sona ho bona hore na a ka fumana letho ho sona. Empa ha a fihla ho sona a fumana se sa beha e le makgasi feela ka ha e ne e se nako ya difeie. 14 Ka hoo, a re ho sona: “O se ke wa hlola o beha ditholwana le ka mohla.”+ Barutuwa ba hae ba ne ba mametse.
15 Ha ba fihla Jerusalema, Jesu a kena ka tempeleng a tebela bohle ba rekisang le ba rekang ka tempeleng. A phethola le ditafole tsa ba tjhentjhang tjhelete* le dibentjhe tsa ba rekisang maeba.+ 16 O ne a thibela batho ho paroletsa le tempeleng ba nkile thepa. 17 O ile a ruta batho a re ho bona: “Mangolo a re: ‘Ntlo ya ka e tla bitswa ntlo ya thapelo bakeng sa ditjhaba tsohle’+ empa lona le e entse lehaha la mashodu.”+ 18 Baprista ba baholo le bangodi ba utlwa ka taba ena yaba ba qala ho batla hore na ba ka mo bolaya jwang+ hobane ba ne ba mo tshaba ka ha letshwele kaofela le ne le tsota thuto ya hae.+
19 Ba tswa motseng ha e eba mantsiboya. 20 Empa ha ba feta moo hoseng haholo, ba bona sefate sa feie se se se omeletse ho tloha metsong ya sona.+ 21 Petrose a se hopola yaba o re ho yena: “Rabi, bona! Sefate sa feie seo o ileng wa se rohaka se omeletse.”+ 22 Jesu a re ho bona: “Ebang le tumelo ho Modimo. 23 Ka nnete ke re ho lona mang kapa mang ya reng ho thaba ena: ‘Phahama o yo wela ka lewatleng’ mme a sa belaele ka pelong ya hae empa a ena le tumelo ya hore ntho eo a e buang e tla etsahala, e tla fela e etsahale.+ 24 Ka hoo, ke re ho lona, dintho tsohle tseo le di rapellang le ho di kopa, le be le tumelo ya hore le se le di fumane mme le tla ba le tsona.+ 25 Ha le rapela, le tshwarele mang kapa mang ya le sitetsweng e le hore Ntate wa lona ya leng mahodimong le yena a ka le tshwarela ditshito tsa lona.”+ 26 *——
27 Ba boela ba tla Jerusalema. Ha a ntse a tsamaya ka tempeleng, baprista ba baholo, bangodi le baholo ba tla ho yena 28 mme ba re: “Dintho tsee o di etsa ka matla afe? Hona ke mang ya o fileng matla a ho di etsa?”+ 29 Jesu a re ho bona: “Ke tla le botsa potso e le nngwe. Ha le ka nkaraba, ke tla le bolella hore na ke etsa dintho tsena ka matla afe. 30 Na ke Modimo* ya fileng Johanne+ matla a ho kolobetsa kapa o a filwe ke batho? Nkarabeng.”+ 31 Yaba ba a buisana ba re: “Haeba re re: ‘Ke Modimo,’ o tla re ho rona: ‘Jwale, ke hobaneng ha le sa ka la dumela ho yena?’ 32 Empa le teng re ke ke ra re: ‘O a filwe ke batho.’” Ba ne ba tshaba letshwele hobane kaofela le ne le nka hore ehlile Johanne e ne e le moprofeta.+ 33 Ka hoo, ba araba Jesu ba re: “Ha re tsebe.” Jesu a re ho bona: “Le nna nke ke ka le bolella hore na ke nka matla a ho etsa dintho tsena hokae.”