Diketso Tsa Baapostola
1 Theofilase, ke ile ka hlophisa tlaleho ya pele e buang ka dintho tsohle tseo Jesu a ileng a di etsa le ho di ruta+ 2 ho fihlela letsatsing leo ka lona a ileng a nkelwa lehodimong.+ O ile a ya lehodimong ka mora hore a fe baapostola bao a ba kgethileng ditaelo a tataiswa ke moya o halalelang.+ 3 Ka mora hore a utlwe bohloko, o ile a hlaha ho bona ka ditsela tse ngata tse pakang hore o a phela.+ O ile a qeta matsatsi a 40 a ntse a ena le bona, a bua ka Mmuso wa Modimo.+ 4 Ha a ntse a ena le bona o ile a ba fa taelo ena: “Le se ke la tloha Jerusalema+ empa le dule le emetse ntho eo Ntate a le tshepisitseng yona+ eo ke le boleletseng ka yona. 5 Johanne o ne a kolobetsa ka metsi empa le tla kolobetswa ka moya o halalelang+ ka mora matsatsi a seng makae ho tloha hona jwale.”
6 Ha barutuwa ba bokane ba re ho yena: “Morena, na o tlo kgutlisetsa mmuso ho Iseraele hona jwale?”+ 7 A re ho bona: “Ha se taba ya lona ho tseba dinako tse taolong ya Ntate.+ 8 Ha le fumana moya o halalelang,+ le tla ba le matla mme le tla ba dipaki+ tsa ka Jerusalema,+ dibakeng tsohle tsa Judea le Samaria+ le karolong e holehole ya lefatshe.”+ 9 Ha a qeta ho tjho jwalo, a phahamiswa ba ntse ba mo shebile, leru la mo kwahela yaba ha ba sa mo bona.+ 10 Ha ba ntse ba shebile lehodimong jwalo, ha hlaha banna ba babedi ba apereng diaparo tse tshweu.+ Banna bao ba fihla ba ema haufi le bona. 11 Ba re ho bona: “Banna ba Galilea, ke hobaneng ha le eme le shebile lehodimong? Jesu ya tlohileng ho lona a iswa lehodimong o tla tla ka mokgwa o tshwanang le oo le boneng a ya lehodimong ka wona.”
12 Barutuwa ba tloha Thabeng ya Mehlwaare e haufi le Jerusalema yaba ba kgutlela Jerusalema+ e bohole bo ka etsang khilomithara e le nngwe.* 13 Ha ba fihla moo, ba ya kamoreng e ka hodimo moo ba neng ba fihletse teng. Ho ne ho ena le Petrose, Johanne, Jakobo, Andrease, Filipi, Thomase, Bartholome, Matheu, Jakobo mora Alfiase, Simone ya tjhesehang le Judase mora wa Jakobo.+ 14 Kaofela ha bona ba ne ba rapela ka mehla ba momahane. Maria mme wa Jesu, bana ba bo Jesu+ le basadi ba bang+ le bona ba ne ba le teng.
15 Matsatsing ao, Petrose a ema hara bana babo (bohle ba neng ba le teng ba ne ba ka ba 120) yaba o re: 16 “Bana beso, boprofeta ba lengolo leo moya o halalelang o ileng wa susumetsa Davida hore a bo bolele bo ne bo lokela ho phethahala. Ke boprofeta bo buang ka Judase+ ya ileng a tataisa batho ba ileng ba tshwara Jesu.+ 17 E ne e le e mong wa rona ebile a kgethilwe+ hore a etse mosebetsi ona. 18 (Monna enwa o ile a reka tshimo ka moputso wa bokgopo.+ O ile a tabana fatshe ka hlooho, mpa ya hae ya phatloha yaba mala a hae kaofela a a qhalana.+ 19 Baahi bohle ba Jerusalema ba ile ba tseba taba ena. Ka puo ya bona, tshimo eo e ile ya bitswa Akeldama, e bolelang, “Tshimo ya Madi.”) 20 Buka ya Dipesaleme e re, ‘Sebaka seo a dulang ho sona se ke se hloke baahi, ho se ke ha eba le motho ya dulang teng.’+ Hape e re, ‘Mosebetsi wa hae wa ho ba molebedi o ke o nkwe ke motho e mong.’+ 21 Ka hona, ho hlokahala hore a nkelwe sebaka ke e mong wa banna bao esale ba ena le rona ha Morena Jesu a etsa mesebetsi ya hae. 22 A nkelwe sebaka ke monna ya neng a ena le rona ho tloha ha Jesu a kolobetswa ke Johanne+ ho fihlela a tloswa ho rona.+ Jwalo ka rona, monna enwa e be paki e boneng hore Jesu o tsositswe.”+
23 Ba buella barutuwa ba babedi e leng Mathiase le Josefa ya bitswang Barsabase, ya neng a boetse a rehilwe Justase. 24 Ba rapela ba re: “Jehova,* o tseba dipelo tsa batho bohle.+ Re kopa o re bontshe hore na ho banna bana ba babedi ke ofe eo o mo kgethileng 25 ho etsa mosebetsi ona le ho ba moapostola hobane Judase o tlohetse mosebetsi oo a inkela tsela ya hae.”+ 26 Ba lahla lotho+ yaba e supa Mathiase. Ka hoo, a balellwa le baapostola ba 11.