Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Levitike 4:27
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 27 “‘Haeba moea leha e le ofe bathong ba naha o etsa sebe e se ka morero ka ho etsa e ’ngoe ea lintho tseo Jehova a laelang hore li se ke tsa etsoa ’me o e-ba molato,+

  • Esaia 53:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Empa Jehova o ile a thabela ho mo sithabetsa;+ o ile a mo kulisa.+ Haeba u tla beha moea oa hae e le nyehelo+ ea molato, o tla bona bana ba hae,+ o tla lelefatsa matsatsi a hae,+ ’me se thabeloang+ ke Jehova se tla atleha letsohong la hae.+

  • Johanne 1:29
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 29 Ka letsatsi le hlahlamang a bona Jesu a tla ho eena, ’me a re: “Bonang, Konyana+ ea Molimo e tlosang sebe+ sa lefatše!+

  • 1 Bakorinthe 15:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 Etsoe ke ile ka le neha, har’a lintho tsa pele, seo le ’na ke ileng ka se amohela,+ hore Kreste o ile a shoela libe tsa rōna ho ea ka Mangolo;+

  • 2 Bakorinthe 5:21
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 21 Ea sa kang a tseba sebe+ o ile a mo etsa hore e be sebe+ bakeng sa rōna, e le hore re ka ba ho loka+ ha Molimo ka eena.

  • Bagalata 1:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 O ile a inehela bakeng sa libe+ tsa rōna e le hore a ka re lopolla tsamaisong ea joale e khopo ea lintho+ ho ea ka thato+ ea Molimo le Ntate oa rōna,

  • Baefese 5:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 ’me le tsoele pele ho tsamaea leratong,+ feela joalokaha Kreste le eena a ile a le rata+ ’me a inehela bakeng sa lōna e le nyehelo+ le sehlabelo ho Molimo bakeng sa monko o lephoka le monate.+

  • Tite 2:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 ea ileng a inehela+ bakeng sa rōna e le hore a ka re lopolla+ tlōlong ea molao ea mofuta o mong le o mong le ho itlhoekisetsa+ sechaba seo ka ho khethehileng e leng sa hae,+ se chesehelang mesebetsi e metle.+

  • Baheberu 2:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 Ka lebaka leo o ile a tlameha ho ba joaloka “barab’abo” ka litsela+ tsohle, e le hore e ka ba moprista ea phahameng ea mohau le ea tšepahalang linthong tse amanang le Molimo,+ e le hore a nyehele sehlabelo sa poelano+ bakeng sa libe tsa batho.+

  • 1 Petrose 2:24
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 24 O ile a jara libe+ tsa rōna ’meleng oa hae thupeng,+ e le hore re ka qeta ka libe+ ’me ra phelela ho loka. “Le ile la folisoa ka metopa ea hae.”+

  • 1 Johanne 2:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 Ke sehlabelo+ sa poelano+ bakeng sa libe tsa rōna,+ empa leha ho le joalo eseng bakeng sa tsa rōna+ feela empa le bakeng sa tsa lefatše lohle.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela