-
Pesaleme 44:sehloohwana-26Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
Ho motsamaisi. Ea bara ba Kora. Maskile.
44 Molimo, re utloile ka litsebe tsa rōna,
Baholo-holo ba rōna ba re phetetse+
Mosebetsi oo u ileng ua o etsa matsatsing a bona,+
Matsatsing a khale.+
2 U ile ua leleka lichaba ka letsoho la hao,+
Ho e-na le tsona ua hloma bona.+
Ua felisa lihlopha tsa lichaba le ho li leleka.+
3 Etsoe ha baa ka ba rua naha ka lisabole tsa bona,+
Matsoho a bona hase ’ona a ileng a ba tlisetsa poloko.+
Etsoe ke letsoho la hao le letona le seatla+ sa hao le leseli la sefahleho sa hao,
Kahobane u ile ua khahlisoa ke bona.+
5 Ka uena re tla sututsa bahanyetsi ba rōna;+
Ka lebitso la hao re tla hatakela ba re tsohelang matla.+
8 Re tla fana ka thoriso ho Molimo letsatsi lohle,+
Re tla roka lebitso la hao ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+ Selah.
13 U re beha joaloka nyeliso ho baahelani ba rōna,+
Litšeho le sesomo ho ba re pota-potileng ka hohle.+
14 U re beha joaloka polelo ea maele har’a lichaba,+
Joaloka ntho e sisinyetsoang hlooho har’a lihlopha tsa lichaba.
15 Letsatsi lohle ho kokobetsoa ha ka ho ka pel’a ka,
Lihlong tsa sefahleho sa ka li nkoahetse,+
16 Ka lebaka la lentsoe la ea nyelisang le ea nyefolang,
Ka lebaka la sera le ea iphetetsang.+
17 Sena sohle ke se re oetseng holimo, ’me ha rea u lebala,+
Ha rea etsa ka bolotsana selekaneng sa hao.+
18 Lipelo tsa rōna ha lia reteleha ka ho hloka tumelo,+
Leha e le hore mehato ea rōna e kheloha tseleng ea hao.+
20 Haeba re lebetse lebitso la Molimo oa rōna,
Kapa re otlolletse liatla tsa rōna ho molimo osele,+
21 Na Molimo a ke ke a batlisisa see?+
Etsoe o hlokomela liphiri tsa pelo.+
23 Tsoha. Ke hobane’ng ha u ntse u robetse, Jehova?+
Falimeha. U se ke ua tsoela pele u re lahla ka ho sa feleng.+
-
-
Pesaleme 49:sehloohwana-20Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
Ho motsamaisi. Ea bara ba Kora. Pina ea thoriso.
49 Utloang sena, lōna lichaba tsohle.
Mamelang, lōna baahi bohle ba tsamaiso ea lintho,+
2 Lōna bara ba moloko oa batho hammoho le lōna bara ba batho,
Uena ea ruileng hammoho le uena ea futsanehileng.+
5 Ke hobane’ng ha ke lokela ho tšoha matsatsing a bobe,+
Ha liphoso tsa ba nkang sebaka sa ka li mpota-potile?+
6 Ba tšepileng seo ba iphelisang ka sona,+
Le ba ntseng ba ithorisa ka maruo a bona a mangata,+
7 Ha ho le ea mong oa bona eo ka mokhoa leha e le ofe a ka lopollang esita le mor’abo,+
Kapa a fa Molimo thekollo bakeng sa hae;
8 (Tefo ea topollo ea moea oa bona ke ea bohlokoa haholo+
Hoo e leng sieo ho isa nakong e sa lekanyetsoang)
9 E le hore a ka ’na a phela ka ho sa feleng ’me a se ke a bona sekoti.+
10 Etsoe oa bona hore esita le ba bohlale baa shoa,+
Ea hlokang kelello le ea sa nahaneng ba timela hammoho,+
Ba tla siela ba bang seo ba iphelisang ka sona.+
11 Takatso ea bona e ka hare ke hore matlo a bona a be teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang,+
Litabernakele tsa bona li be teng ho isa molokong o mong ka mor’a o mong.+
Ba reheletse masimo a bona ka mabitso a bona.+
12 Leha ho le joalo motho oa lefatše, le hoja a hlompheha, a ke ke a lula a le teng;+
Ka sebele a ka bapisoa le liphoofolo tse timelitsoeng.+
13 Ena ke tsela ea ba hlokang kelello,+
Le ea ba ba setseng morao ba khahlisoang ke lipuo tsa bona. Selah.
14 Joaloka linku ba behetsoe ho ea Sheole;+
Lefu le tla ba lisa;+
Hoseng ba lokileng ba tla ba laola,+
Libōpeho tsa bona li loketse ho senyeha;+
Sheole ke ea e mong le e mong ho e-na le sebaka sa bolulo se phahameng.+
15 Leha ho le joalo, Molimo o tla lopolla moea oa ka letsohong la Sheole,+
Etsoe o tla nkamohela. Selah.
16 U se ke ua tšoha kahobane monna e mong a fumana maruo,+
Kahobane khanya ea ntlo ea hae e eketseha,+
17 Etsoe lefung la hae ho hang a ke ke a nka letho;+
Khanya ea hae e ke ke ea theoha le eena.+
18 Kaha ha a sa ntse a phela o ile a ’na a hlohonolofatsa moea oa hae;+
(Batho ba tla u roka kahobane ua ipabola)
-