Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Numere 26:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Leha ho le joalo, bara ba Kora ha baa ka ba shoa.+

  • Pesaleme 42:sehloohwana-11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • Ho motsamaisi. Maskile bakeng sa bara ba Kora.

      42 Joaloka khama e tšehali e hlolohetsoeng melapo ea metsi,

      Ka ho tšoanang moea oa ka o hlolohetsoe uena, Molimo.+

       2 Moea oa ka o nyoretsoe Molimo,+ o nyoretsoe Molimo ea phelang.+

      Ke tla tla neng ’me ke hlahe ka pel’a Molimo?+

       3 Ho ’na meokho ea ka e fetohile lijo bosiu le motšehare,+

      Ha ba ntse ba re ho ’na letsatsi lohle: “Molimo oa hao o hokae?”+

       4 Ke tla hopola lintho tsena, ’me ke tla tšolla moea oa ka ka hare ho ’na.+

      Etsoe ke ne ke feta hammoho le letšoele,

      Ke ne ke tsamaea butle ka pel’a lona ho ea ntlong ea Molimo,

      Ka lentsoe la mohoo oa thabo le liteboho,+

      La letšoele le entseng mokete.+

       5 Uena moea oa ka, ke hobane’ng ha u feletsoe ke tšepo,+

      Ke hobane’ng ha u le morusu ka hare ho ’na?+

      Letela Molimo,+

      Etsoe ke sa ntse ke tla mo roka joaloka poloko ea ka e khōlō.+

       6 Molimo oa ka, moea oa ka o feletsoe ke tšepo ka hare ho ’na.+

      Ke ka lebaka leo ke u hopolang,+

      Ho tsoa naheng ea Jordane le litlhōrōng tsa Hermone,+

      Ho tsoa thabeng e nyenyane.+

       7 Boliba bo bong bo hoeletsa bo bong

      Ha ho utloahala molumo oa liphororo tsa hao.

      Metsi ’ohle a hao a loebehlanang le maqhubu a hao+—

      A fetile holim’a ka.+

       8 Jehova o tla laela mosa oa hae o lerato motšehare,+

      Pina ea hae e tla ba le ’na bosiu;+

      Ho tla ba le thapelo e eang ho Molimo oa bophelo ba ka.+

       9 Ke tla re ho Molimo lefika la ka:+

      “U ntebaletse’ng?+

      Ke hobane’ng ha ke tsamaea ke hlomohile ka lebaka la khatello ea sera?”+

      10 Ba bontšang bora ho ’na ba ’nyelisitse ka ho bolaea masapo a ka,+

      Ha ba ntse ba re ho ’na letsatsi lohle: “Molimo oa hao o hokae?”+

      11 Uena moea oa ka, ke hobane’ng ha u feletsoe ke tšepo,+

      Ke hobane’ng ha u le morusu ka hare ho ’na?+

      Letela Molimo,+

      Etsoe ke sa ntse ke tla mo roka joaloka poloko ea ka e khōlō le joaloka Molimo oa ka.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela