LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Deuteronoma 6:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 “Etlare ha Jehova Molimo oa hao a u tlisa naheng eo a hlapanyelitseng baholo-holo ba hao Abrahama, Isaka le Jakobo hore o tla u fa eona,+ metse e meholo le e metle eo u sa kang ua e haha,+

  • Joshua 11:23
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 23 Kahoo Joshua a nka naha eohle, ho ea ka sohle seo Jehova a neng a se tšepisitse Moshe,+ ’me joale Joshua a fana ka eona e le lefa ho Baiseraele ka likarolo tsa eona, ho ea ka meloko ea eona.+ Naha ha ea ka ea khathatsoa ke ntoa.+

  • Joshua 21:43
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 43 Kahoo Jehova a fa Baiseraele naha eohle eo a neng a hlapantse hore o tla e fa baholo-holo ba bona,+ eaba baa e rua+ ’me ba lula ho eona.

  • Nehemia 9:22
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 22 “Ua ba fa mebuso+ le lichaba, ’me ua ba arola likoto;+ hoo ba ileng ba rua naha ea Sihone,+ esita le naha ea morena oa Heshbone,+ le naha ea Oge+ morena oa Bashane.+

  • Pesaleme 78:55
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 55 Ka lebaka la bona a leleka lichaba butle-butle,+

      A qala ho ba arolela lefa ka khoele ea ho lekanya,+

      Hoo a ileng a etsa hore meloko ea Iseraele e lule malapeng a eona.+

  • Pesaleme 135:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 Le ea ileng a fana ka naha ea tsona e le lefa,+

      Lefa ho sechaba sa hae sa Iseraele.+

  • Diketso 7:45
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 45 Baholo-holo ba rōna bao e ileng ea e-ba bahlahlami ho eona le bona ba e tlisa le Joshua+ ho kena naheng eo e neng e le ea lichaba,+ tseo Molimo a ileng a li lahlela ntle ho tloha ka pel’a baholo-holo+ ba rōna. Ea lula mona ho fihlela matsatsing a Davida.

  • Diketso 13:19
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 19 Ka mor’a ho timetsa lichaba tse supileng naheng ea Kanana, a ba abela naha ea tsona ka lotho:+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share