4 Ka lebaka leo Jonathane a bua hantle+ ka Davida ho ntat’ae Saule ’me a re ho eena: “Morena a se ke a siteloa+ mohlanka oa hae Davida, etsoe ha aa u siteloa ebile mesebetsi ea hae e ’nile ea e-ba metle haholo ho uena.+
14 Eaba Akimeleke o araba morena ’me o re: “Ke mang har’a bahlanka bohle ba hao ea joaloka Davida,+ ea tšepahalang,+ ’me e le mokhoenyana+ oa morena le mookameli oa balebeli ba hao le ea hlomphehang ka tlung ea hao?+
14 Etsoe haeba u khutsa ka ho feletseng nakong ena, phomolo le topollo li tla ema bakeng sa Bajuda li tsoa sebakeng se seng;+ empa ha e le uena le ntlo ea ntat’ao, le tla timela. Ke mang ea tsebang ebang ke bakeng sa nako e kang ena u fihletseng boholo bo hlomphehang ba bofumahali?”+
3 Eaba Mofumahali Esthere oa araba o re: “Haeba ke fumane kamohelo mahlong a hao, morena, le haeba ho bonahala ho le molemo ho morena, e-re ke fuoe moea oa ka+ ho ea ka kōpo ea ka e matla le batho ba heso+ ho ea ka seo ke se kōpang.