Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Levitike 26:33
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 33 Ke tla le hasanya har’a lichaba,+ ’me ke tla ntša sabole selateng ka mor’a lōna;+ naha ea lōna e tla ba lesupi,+ ’me metse ea lōna e tla ba lesupi.

  • Deuteronoma 28:25
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 25 Jehova o tla etsa hore u hlōloe ka pel’a lira tsa hao.+ U tla li futuhela ka tsela e le ’ngoe, empa u tla li baleha ka litsela tse supileng; u tla fetoha ntho e tšosang ho mebuso eohle ea lefatše.+

  • Jeremia 15:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 Ke tla nehelana ka bona hore ba thothomele mebusong eohle ea lefatše+ ka lebaka la Manase mora oa Ezekiase, morena oa Juda, ka lebaka la seo a se entseng Jerusalema.+

  • Jeremia 24:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Ke tla romela sabole+ khahlanong le bona, tlala+ le lefu la seoa,+ ho fihlela ba fela naheng eo ke e fileng bona le baholo-holo ba bona.”’”+

  • Jeremia 34:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 “Ka hona sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Ha lea ’mamela ka ho tsoela pele le phatlalatsa tokoloho+ e mong le e mong ho mor’abo le e mong le e mong ho motsoalle oa hae. Bonang! ke phatlalatsa tokoloho ho lōna,’+ ho bolela Jehova, ‘saboleng,+ lefung la seoa+ le tlaleng,+ ’me ka sebele ke tla nehelana ka lōna mebusong eohle ea lefatše hore le thothomele.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela