LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Exoda 32:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 8 Se khelohile ka potlako tseleng eo ke se laetseng hore se tsamaee ka eona.+ Se iketselitse seemahale sa namane se entsoeng ka ho qhibilihisoa ’me se ntse se se inamela le ho se etsetsa mahlabelo le ho re, ‘Enoa ke Molimo oa hao, Uena Iseraele, ea u eteletseng pele ho tsoa naheng ea Egepeta.’”+

  • Nehemia 9:16
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 16 “Bona, esita le baholo-holo ba rōna, ba ile ba iketelletsa pele+ ’me ba satalatsa melala ea bona,+ ’me ha baa ka ba mamela litaelo tsa hao.

  • Pesaleme 81:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Empa batho ba ka ha baa mamela lentsoe la ka;

      Baiseraele ha baa ka ba mpontša boikemisetso leha e le bofe.+

  • Jeremia 11:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 8 Empa ha baa ka ba mamela kapa ba sekeha tsebe,+ empa ba ’na ba tsamaea e mong le e mong ka manganga a lipelo tsa bona tse mpe;+ kahoo ka tlisa holim ’a bona mantsoe ’ohle a selekane sena ao ke ba laetseng hore ba a phethe, empa ha baa ka ba a phetha.’”

  • Ezekiele 20:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 8 “‘“Ba qala ho mphetohela,+ ’me ha baa ka ba lumela ho ’mamela. Ka bomong ha baa ka ba lahla lintho tse nyonyehang tsa mahlo a bona, ’me ha baa ka ba tlohela litšoantšo tse rapeloang tse nyonyehang tsa Egepeta,+ hoo ke ileng ka tšepisa ho tšollela khalefo ea ka holim ’a bona, e le hore ke phethe bohale ba ka holim ’a bona har’a naha ea Egepeta.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share