LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Levitike 18:21
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 21 “‘U se ke ua lumella hore ngoana leha e le ofe oa hao a neheloe+ ho Moloke.+ U se ke ua hlompholla+ lebitso la Molimo oa hao ka tsela eo. Ke ’na Jehova.+

  • Levitike 20:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 Ha e le ’na, ke tla tjamela motho eo, ’me ke tla mo felisa har’a sechaba sa habo,+ hobane o fane ka ba bang ba bana ba hae ho Moloke ka morero oa ho silafatsa sebaka sa ka se halalelang+ le ho hlompholla lebitso+ la ka le halalelang.

  • Deuteronoma 17:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 a tsamaea ’me a rapela melimo e meng ’me a e inamela kapa a inamela letsatsi kapa khoeli kapa makhotla ’ohle a maholimo,+ e leng ntho eo ke sa e laelang,+

  • Jeremia 19:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 Ba hahile libaka tse phahameng tsa Baale e le hore ba chese bara ba bona mollong e le linyehelo tse feletseng tsa secheso tse eang ho Baale,+ ntho eo ke neng ke sa e laela kapa ka bua ka eona,+ le e sa kang ea hlaha pelong ea ka.”’+

  • Jeremia 32:35
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 35 Ho feta moo, ba haha libaka tse phahameng tsa Baale+ tse phuleng ea mora oa Hinome,+ e le hore ba fetise bara ba bona le barali ba bona mollong+ ho Moloke,+ e leng ntho eo ke sa kang ka ba laela eona,+ leha e le hore ho ile ha hlaha pelong ea ka ho etsa ntho ena e manyala,+ ka morero oa ho etsa hore Juda e etse sebe.’+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share