Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • 2 Marena 23:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 A leleka mosebetsing baprista ba melimo esele, bao marena a Juda a neng a ba behile e le hore ba ka etsa mosi oa sehlabelo libakeng tse phahameng metseng ea Juda le libakeng tse potolohileng Jerusalema, le ba etsetsang Baale+ mosi oa sehlabelo, le letsatsi le khoeli le lihlopha tsa linaleli tsa zodiake le makhotla ’ohle a maholimo.+

  • Ezekiele 8:16
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 16 Kahoo a ntlisa lebaleng le ka hare la ntlo ea Jehova, ’me, bonang! monyakong oa tempele ea Jehova, pakeng tsa mathule le aletare,+ ho ne ho e-na le banna ba ka bang mashome a mabeli a metso e mehlano+ ba furaletseng tempele ea Jehova+ ’me lifahleho tsa bona li lebile bochabela, ba ne ba iname ba lebile bochabela, ba lebile letsatsing.+

  • Diketso 7:42
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 42 Kahoo Molimo a reteleha ’me a nehelana+ ka bona hore ba etsetse lekhotla la leholimo tšebeletso e halalelang, feela joalokaha ho ngoliloe bukeng ea baprofeta,+ ‘Hase ’na eo le ileng la nyehela liphofu le mahlabelo ho eena ka lilemo tse mashome a mane lefeelleng, na ha ho joalo, Lōna ba ntlo ea Iseraele?

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela