LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • 2 Marena 21:16
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 16 Manase a boela a tšolla+ mali a mangata haholo a hlokang molato, ho fihlela a tlatsitse Jerusalema ho tloha pheletsong e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe, ntle ho sebe sa hae seo ka sona a ileng a etsa hore Bajuda ba sitoe ka ho etsa se sebe mahlong a Jehova.

  • Ezekiele 22:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 U tla re, ‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Uena motse o tšollang mali+ ka har’a oona ho fihlela nako ea oona e fihla,+ le o entseng litšoantšo tse rapeloang tse nyonyehang ka har’a oona e le hore o silafale,+

  • Mikea 7:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 Ea tšepahalang o timetse lefatšeng, ’me har’a moloko oa batho ha ho na ea lokileng.+ Kaofela ha bona, ba lalla bakeng sa ho tšolla mali.+ E mong le e mong o tsoma mor’abo, ka letlooa le huloang.+

  • Matheu 23:35
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 35 e le hore mali ’ohle a lokileng a tšolotsoeng lefatšeng+ a ka tla holim ’a lōna, ho tloha maling a Abele+ ea lokileng+ ho ea maling a Zakaria mora oa Barakia, eo le ileng la mo bolaela pakeng tsa sehalalelo le aletare.

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share