Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Exoda 31:2-5
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 2 “Ke kgethile* Bezaliele+ mora wa Uri mora wa Hure wa leloko la Juda.+ 3 Ke tla mo fa moya wa ka e le hore a ka ba bohlale, a be le kutlwisiso le tsebo ya ho etsa mesebetsi yohle ya matsoho, 4 a qape disebediswa, a sebetse ka kgauta, silevera le koporo, 5 a betle majwe a bohlokwa le ho a kenya didulwaneng+ le hore a etse thepa ya mefuta yohle ya lepolanka.+

  • Exoda 35:30
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 30 Moshe a re ho Baiseraele: “Jehova o kgethile Bezaliele mora wa Uri mora wa Hure wa leloko la Juda.+

  • Exoda 36:1
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 36 Bezaliele o tla sebetsa le Oholiabe le banna bohle ba tsebang mosebetsi wa matsoho,* bao Jehova a ba fileng bohlale le kutlwisiso e le hore ba tsebe ho etsa mosebetsi wohle wa tshebeletso e halalelang feela jwalo ka ha Jehova a laetse.”+

  • Exoda 37:1
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 37 Bezaliele+ a etsa Areka+ ka sefate sa leoka. E ne e le bolelele bo ka hodimonyana ho mithara,* e le bophara ba disenthimithara tse ka bang 67* mme e le bophahamo ba disenthimithara tse ka bang 67.+

  • 2 Dikronike 1:5
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 5 Aletare ya koporo+ eo Bezalele+ mora wa Uri mora wa Hure a neng a e entse e ne e behilwe ka pela tabernakele ya Jehova. Solomone le phutheho yohle ba ne ba rapela ka pela yona.*

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela