Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Exoda 7:17
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 17 Jehova o itse: “O tla tseba ka sena hore ke nna Jehova.+ Ke otla metsi a Nokeng ya Nile ka molamu o letsohong la ka mme a tla fetoha madi.

  • Exoda 8:9, 10
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 9 Moshe a re ho Faro: “Ke wena ya tla mpolella hore na ke kope Modimo neng hore a tlose dinqanqane ho wena, ho bahlanka ba hao, ho setjhaba sa hao le ka matlung a hao. Di tla siuwa feela Nokeng ya Nile.” 10 Faro a re: “Hosane.” Moshe a re: “Ho tla etswa jwalo ka ha o boletse e le hore o ka tseba hore ha ho ya tshwanang le Jehova Modimo wa rona.+

  • Exoda 8:22
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 22 Letsatsing leo ke tla etsa se fapaneng ho naha ya Goshene, eo batho ba ka ba dulang ho yona. Ho ke ke ha eba le diboba moo+ mme o tla tseba ka sena hore nna Jehova ke naheng eo.+

  • Exoda 9:29
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 29 Moshe a re ho yena: “Hang ha ke tswa motseng ke tla rapela Jehova.* Diaduma di tla kgaotsa mme sefako se tla emisa e le hore o ka tseba hore lefatshe ke la Jehova.+

  • Exoda 14:4
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 4 Ke tla tlohela Faro hore a be manganga+ mme o tla ba lelekisa. Ke tla itlotlisa ka Faro le masole ohle a hae+ mme Baegepeta ba tla tseba hore ke nna Jehova.”+ Baiseraele ba fela ba etsa jwalo.

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela