13 Matsibolo ohle ke a ka.+ Ka letsatsi leo ka lona ke neng ke otla matsibolo ohle naheng ya Egepeta,+ ke ile ka halaletsa matsibolo ohle a Iseraele bakeng sa ka ho tloha ho motho ho ya ho phoofolo.+ E tla ba a ka. Ke nna Jehova.”
15 Letsibolo le leng le le leng la dintho tsohle tse phelang+ leo ba le hlahisang ho Jehova, ebang ke la motho kapa la phoofolo, e tla ba la hao. Le ha ho le jwalo, o lopolle matsibolo+ a batho le matsibolo a diphoofolo tse sa hlwekang.+
19 Le halaletse letsibolo le leng le le leng le letona mohlapeng wa lona wa dikgomo le wa dinku le dipodi ho Jehova Modimo wa lona.+ Le se ke la sebedisa matsibolo a mehlape ya lona ya dikgomo* ho etsa mosebetsi le ha e le ofe kapa la kuta matsibolo a mehlape ya lona ya dinku le dipodi.
22 Hape nako ya fihla ya hore ho etswe mokete wa tlhwekiso o hlahang Molaong wa Moshe,+ ka hoo ba isa Jesu Jerusalema ho mo hlahisa ho Jehova*23 feela jwalo ka ha Molao wa Jehova* o itse: “Ngwana e mong le e mong e motona wa letsibolo* o tla bitswa ya halalelang ho Jehova.”*+